Dipesaleme 24 - Sesotho 1909/1961 (SO)Tsa areka ha e isitswa Sione, mohla e latwang ha Obed-Edomo. Pesaleme ya Davida. 1 Lefatshe ke la Jehova le tsohle tse ho lona, lefatshe le ba ahileng ho lona. 2 Hobane o le theile hodima mawatle, o le tiisitse hodima bodiba. 3 Ke mang ya ka nyolohelang thabeng ya Jehova, ya ka dulang sehalalelong sa hae? 4 Ke ya matsoho a se nang molato, ya pelo e hlwekileng, ya sa ineeleng leshano, ya sa hlapanyeng ho ya thetsa. 5 Motho ya jwalo o tla bona hlohonolofatso ho Jehova, le ho loka ho Modimo, Mmoloki wa hae. 6 Ke eo kabelo ya ba itlhahisang ho yena, ba batlang sefahleho sa hao, Modimo wa Jakobo. (Sela.) 7 Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya! 8 Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova ya matla, ya sa sitweng ke letho, Jehova ya matla ntweng. 9 Phahamisang dihlooho tsa lona, menyako; lona menyako ya kamehla, le iphahamise, ho tle ho kene Morena wa kganya! 10 Morena wa kganya ke mang? Ke Jehova wa makgotla, ke yena e leng Morena wa kganya. (Sela.) |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa