Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 23 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Dithoko tsa Modisa ya molemo.
Pesaleme ya Davida.

1 Jehova ke modisa wa ka, nke ke ka hloka letho.

2 O mphomotsa makgulong a matala, o ntsamaisa pela metsi a kgutsitseng.

3 O hlabolla moya wa ka; o ntsamaisa mehlaleng ya ho loka, ka baka la lebitso la hae.

4 Leha nka tsamaya kgohlong ya moriti wa lefu, nke ke ka tshoha bobe leha bo le bong, hobane o na le nna; lere la hao le seikokotlelo sa hao ke tsona tse ntshedisang.

5 O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha.

6 Ruri, lehlohonolo le mohau di ntse di ntatela ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha ka, mme ke tla nne ke hlole ka tlung ya Jehova kamehla.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan