Dipesaleme 22 - Sesotho 1909/1961 (SO)Eli, Eli, lamma sabakthani. Ho monga baphokodi. Ka Ajelethe-Hashakare (tshephe e tshehadi ya meso). Pesaleme ya Davida. 1 Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng? O emelang thoko, o tle o se ke wa mpoloka, o se ke wa nkutlwa ha ke howeletsa? 2 Modimo wa ka, ke bitsa motshehare, mme ha o arabe; le bosiu, mme ha ke bone phomolo. 3 Leha ho le jwalo, o Mohalaledi; dithoko tsa Iseraele di teela terone ya hao hare. 4 Bontata rona ba nna ba bea tshepo ya bona ho wena, ba bea tshepo ya bona, mme wa ba pholosa; 5 ba phahamisetsa mehoo ya bona ho wena, mme ba phonyoha; ba itshepela wena, mme ha ba ka ba swaba. 6 Empa nna, ke seboko, ha ke motho; ke mojaradihlong ho batho, le molahluwa wa setjhaba. 7 Ke sesomo sa bohle ba mponang; ba swenya melomo ya bona, ba oma ka hlooho, 8 ba re: O itshepetse Jehova, a ke a mo pholose, a mmoloke, haele moo a kgahliswa ke yena! 9 Efela ke wena ya nntshitseng popelong, wa nna wa ntshepisa matsweleng a mme, 10 ka nna ka o tshepa esale ke tswalwa; esale le mpeng ya mme o le Modimo wa ka. 11 O se ke wa ba hole le nna, hobane matswalo a haufi, mme ha ke na ya nthusang. 12 Ke dikilwe ke dipoho tse ngata, dipoho tse bohale tsa Bashane di nkopetse. 13 Di ahlamisetsa melomo ya tsona ho nna jwaloka tau e harolang, e purumang. 14 Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi; 15 matla a ka a omile jwaloka lengeta, leleme la ka le manne mahalapeng a ka, o nthobaditse leroleng la lefu. 16 Hobane dintja di nteetse hare, lekgotla la ba bolotsana le ntikile, ba hlabile diatla tsa ka le maoto a ka. 17 Nka bala masapo a ka kaofela; bona, ba ntadima, ba kgodisa mahlo a bona ka nna. 18 Ba arolelana diaparo tsa ka, ba laola kobo ya ka. 19 Empa, wena, Jehova, o se ke wa suthela hole le nna! Wena, o leng matla a ka, o phakise ho nthusa! 20 O lwele bophelo ba ka lerumong, ke bona feela bo setseng ho nna, o bo lwele marong a dintja. 21 O nkgule molomong wa tau, o nkarabe ka ho mpholosa dinakeng tsa dinare. 22 Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o rorise hara phutheho. 23 Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele! 24 Hobane ha a ka a nyedisa, ha a ka a kgesa bohlomohi ba ya hlomohileng, ha a ka a mo patela sefahleho sa hae; empa a nna a mamela mehoo eo a neng a e phahamisetsa ho yena. 25 O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang. 26 Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng. 27 Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao; 28 hobane mmuso ke wa Jehova, ke yena ya renang hodima ditjhaba. 29 Ba jang menono ya lefatshe ba tla tla, ba je, ba rapele; o tla kgumamelwa ke bohle ba theohelang leroleng, le ke ba sitwang ho iphedisa. 30 Ditloholo tse tlang ho hlaha di tla mo sebeletsa, moloko o tlang o tla bolellwa kganya ya Morena. 31 Ba tla tla, ba bolele ho loka ha hae, ba bolelle setjhaba se tlang ho tswalwa hoba ke yena ya entseng hoo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa