Dipesaleme 21 - Sesotho 1909/1961 (SO)Teboho ya morena ya mohla a kgutlang ntweng. Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida. 1 Jehova, matla a hao a thabisa morena, poloko ya hao e a mo nyakalatsa! 2 O mo file kamoo pelo ya hae e lakaditseng kateng, ha o a ka wa nyatsa thapelo ya molomo wa hae. (Sela.) 3 O mo rakile ka mahlohonolo a molemo, o mo rwesitse moqhaka wa kgauta e tshekehileng hloohong. 4 A nna a o kopa bophelo, mme wa mo fa jona, e le bophelo bo bolelele, bo tiileng, bo sa feleng. 5 Kganya ya hae e kgolo ka baka la thuso ya hao, o mo file bokgabane le boholo; 6 hobane o mo entse ya lehlohonolo ka ho sa feleng, wa mo nyakalatsa ka sefahleho sa hao. 7 Hobane morena o itshepetse Jehova; ka kgauhelo ya Mookamedi ya phahameng, a ke ke a sisinyeha. 8 Letsoho la hao le tla tshwara dira tsa hao kaofela; letsoho le letona la hao le tla fihlela ba o hloileng. 9 O tla ba etsa ba be jwaloka sebopi se tukileng, tsatsing leo o hlahang ka lona; Jehova o tla ba fedisa ka kgalefo ya hae, mme ba tla tjheswa ke mollo; 10 o tla fedisa moloko wa bona lefatsheng, le ditloholo tsa bona hara bana ba batho; 11 hobane ba o etseditse bolotsana, ba lohile mano, empa ba tla hloka matla; 12 o tla ba balehisa ka ho lebisa seqha sa hao difahlehong tsa bona. 13 Tsoha, Jehova, ka matla a hao! Re rata ho bina le ho rorisa diketso tsa hao tse phahameng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa