Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 20 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Thapelo ya morena mohla ntwa.
Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida.

1 Jehova a ke a o utlwe ka tsatsi la matswalo; lebitso la Modimo wa Jakobo le ke le o sireletse.

2 A ke a o romele thuso ya hae e tswang sehalalelong, a o fe ho tiya a le Sione!

3 A ke a hopole dinyehelo tsa hao kaofela, a amohele ditjheso tsa hao! (Sela.)

4 A ke a o fe se ratwang ke pelo ya hao, a phethise tseo o di rerileng!

5 Etlaba moo re thabelang hlolo ya hao; ka lebitso la Modimo wa rona re tla emisa difolaga tsa rona. Jehova a ke a o fe tsohle tseo o di qelang.

6 Le jwale ke a tseba hobane Jehova o pholosa motlotsuwa wa hae; o tla mo araba a le lehodimong la hae le halalelang, ka diketso tse matla tsa letsoho la hae le letona.

7 Ba bang ba ithorisa ka makoloi a bona, ba bang ka bakalli ba bona; empa rona, re tla ithorisa ka lebitso la Jehova, Modimo wa rona;

8 bona, ba kobeha, ba wa; empa rona, re tla tiya, re eme.

9 Jehova, boloka morena! o ke o re utlwe, ha re o rapela!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan