Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Mmuso wa Modimo le wa Mora wa wona, eo bohle ba tlang ho ipea ho yena.

1 Na ditjhaba di dumadumelang, mme batho ba rerelang tsa lefeela?

2 Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?

3 Ba re: A re kgaoleng ditlamo tsa bona, re kwele mehala ya bona.

4 Ya dutseng mahodimong o a ba tseha, Jehova o soma ka bona,

5 o bua le bona ka bohale, o ba tsielehisa kgalefong ya hae,

6 o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!

7 A nke ke phethe morero; Jehova o itse ho nna: O Mora wa ka, kajeno ke o tswetse.

8 Kopa ho nna, mme ke tla o fa ditjhaba e be lefa la hao, le dipheletso tsa lefatshe e tle e be leruo la hao.

9 O tla di thumakanya ka molamu wa tshepe, o di silakanye jwaloka pitsa ya letsopa.

10 Jwale he, marena, hlalefang; le lona, baahlodi ba lefatshe, le eletswe!

11 Sebeletsang Jehova ka tshabo, mme le thabe le ntse le thothomela!

12 Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan