Dipesaleme 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)Modimo o itshenolela batho ka mesebetsi ya wona le ka lentswe la wona. Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida. 1 Mahodimo a bolela kganya ya modimo, mme sebaka sa lehodimo se bonahatsa mosebetsi wa diatla tsa wona. 2 Letsatsi le ho pakela letsatsi le leng, bosiu bo ho tsebisa bosiu bo bong. 3 Hase polelo, hase mantswe ao modumo wa wona o sa utlwahaleng. 4 Tumo ya tsona e hasane lefatsheng lohle, dipolelo tsa tsona di ile pheletsong ya lefatshe. O hlometse letsatsi ntlo ya lona teng; 5 le tloha jwaloka monyadi ha a tloha tlung ya hae, le thaba jwaloka mohale ya mathelang lephallong; 6 le tloha pheletsong ya mahodimo, mme phallong ya lona le fella pheletsong e nngwe: ha ho letho le ipatelang lebatama la lona. 7 Molao wa Jehova o lokile, o kgatholosa moya; bopaki ba Jehova bo a tshepeha, bo hlalefisa sethoto. 8 Ditemoso tsa Jehova di lokile, di thabisa pelo; ditaelo tsa Jehova di hlwekile, di edisa mahlo. 9 Tshebeletso ya Jehova e hlwekile, e hloleha kamehla; dikahlolo tsa Jehova ke nnete, di lokile kaofela; 10 di fetisa kgauta ka theko, le kgauta e ngata e tshekehileng, di fetisa le dinotshi ka monate, le tse rothang kgekgeng ya tsona. 11 Mohlanka wa hao o ediswa ke tsona; ho bolokweng ha tsona ho na le moputso o moholo. 12 Ke mang ya ka lemohang diphoso tsa hae kaofela? O ntshwarele tse nkgakileng! 13 Hape, o boloke mohlanka wa hao ho baikakasi, ba se ke ba rena hodima ka; ke moo ke tla hloka ho nyatseha, mme etlaba ke sesefile ditlolo tse kgolo. 14 O amohele mantswe a molomo wa ka, o kgahliswe ke ho nahana ha pelo ya ka, wena, Jehova, lefika la ka le monamoledi wa ka! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa