Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 148 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Modimo o roriswa ke tsohle tseo o di entseng.

1 Bokang Jehova! Rorisang Jehova mahodimong! Mo roriseng bophahameng ba sebaka!

2 Mo roriseng, lona mangeloi a hae kaofela! Mo roriseng, lona makgotla a hae kaofela!

3 Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi! Mo roriseng kaofela, lona dinaledi tse kganyang!

4 Mo roriseng, lona mahodimo a mahodimo, le lona, metsi a hodimo ho mahodimo!

5 Tsohle tseo a di ke rorise lebitso la Jehova! Hobane o ne a laele, mme tsa eba teng;

6 o di beile hore di tle di be teng ka ho sa yeng kae le ka ho sa feleng; o di file melao, ha ho le e nngwe e e tlolang.

7 Rorisang Jehova lefatsheng, lona didrakone, le lona madiba kaofela;

8 mollo, le sefako, lehlwa le mehodi, meya ya difefo e phethang ditaelo tsa hae;

9 dithaba le dithabana kaofela, difate tse behang, le lona dikedare kaofela,

10 diphoofolo, le lona makgomo kaofela, dihahabi, le dinonyana tse mapheo,

11 marena a lefatshe le matjhaba kaofela, mahosana, le lona baahlodi bohle ba lefatshe,

12 bahlankana le barwetsana, maqheku hammoho le bana!

13 A ba ke ba rorise lebitso la Jehova, hobane lebitso la hae ke lona le nnotshi le phahamileng, bokgabane ba hae bo phahamile ho fetisa lefatshe le mahodimo.

14 O emisitse lenaka la setjhaba sa hae, a tle a roriswe ke bakgethwa ba hae kaofela, e leng bana ba Iseraele, setjhaba seo a ikatameleditseng sona. Bokang Jehova!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan