Dipesaleme 147 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thoko e rokang ya babaletseng, ya tsositseng Jerusalema. 1 Rorisang Jehova, hobane ho hotle ho roka Modimo wa rona; e, ke ntho e monate; thoko e a mo tshwanela. 2 Jehova o tsosa Jerusalema, o bokella balelekwa ba Iseraele. 3 O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona. 4 O lekanya palo ya dinaledi, o di rea mabitso kaofela. 5 Morena wa rona o moholo, matla a hae a maholo ka ho fetisisa; kutlwisiso ya hae ha e na ho lekanngwa. 6 Jehova o tsosa ba ikokobetsang, o kokobetsa ba babe ho isa fatshe. 7 Binelang Jehova diteboho, le roke Modimo wa rona ka harepa! 8 O thiba lehodimo ka maru, o lokisa pula ho na lefatsheng; o medisa jwang dithabeng; 9 o fa diphoofolo dijo tsa tsona, o fepa madinyane a makgwaba a llang. 10 Ha a re letho ka matla a pere, ha a kgahliswe ke maoto a motho. 11 Jehova o kgahliswa ke ba mo tshabang, ba itshepelang mohau wa hae. 12 Jerusalema, rorisa Jehova! Sione, o roke Modimo wa hao! 13 Hobane o tiisa mekwallo ya menyako ya hao, o hlohonolofatsa bara ba hao kahare ho wena. 14 O bea kgotso meeding ya hao, o o kgorisa ka moko wa koro. 15 O romela lefatshe taelo ya hae, lentswe la hae le tjhatjhametsa kapelepele. 16 O nesa lehlwa, le lesweu jwaloka boya ba nku; o hasa serame fatshe jwaloka molora; 17 o diha sefako sa hae se thata; ke mang ya ka tsebang ho ema pela dirame tsa hae? 18 O romela lentswe la hae, a di qhibidihise; o fokisa moya wa hae, metsi a phorosetse. 19 O senoletse Jakobo lentswe la hae, o neile Iseraele melao ya hae le dikahlolo tsa hae. 20 Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa