Dipesaleme 146 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thoko e rokang Modimo ka ho re, ke wona o nnotshi o tsebang ho namola. 1 Bokang Jehova! Moya wa ka, o rorise Jehova! 2 Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng! 3 Le se ke la itshepela marena, leha e le bana ba batho ba sitwang ho pholosa motho! 4 Phefumoloho ya bona ha e fela, ba kgutlela leroleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ya bona e fedile. 5 Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e beilweng ho Jehova, Modimo wa hae! 6 O entse mahodimo le lefatshe, lewatle le tse ho lona kaofela, o boloka nnete ka ho sa feleng. 7 O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa; 8 Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng. 9 Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana. 10 Jehova o rena ka ho sa yeng kae. Modimo wa hao, Sione, o ntse o le teng melokong yohle. Bokang Jehova! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa