Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 143 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Thapelo e kopang mohau ha motho a le lefifing le tsietsing.
Pesaleme ya Davida.

1 Jehova, utlwa thapelo ya ka; o sekehele thapedisiso ya ka tsebe. Nkarabe ka baka la botshepehi ba hao le la ho loka ha hao,

2 o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.

3 Hobane sera se hlorisa moya wa ka, se hatile bophelo ba ka fatshe, se nkgarameletsa nqalong e lefifi ho ba shweleng e seng e le kgale.

4 Moya wa ka o tepeletse ka ho nna, pelo ya ka e ferekane kahare ho nna.

5 Ke elellwa mehla ya kgale, ke hopola tseo o di entseng kaofela, ke nahana tsohle tseo matsoho a hao a di sebeditseng.

6 Ke otlollela matsoho a ka ho wena, moya wa ka o nyoretswe wena, jwaloka hoja ke mobu o omileng. (Sela.)

7 Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.

8 O nkutlwise lentswe la mohau wa hao e sa le kameso, hobane ke itshepetse wena. O ntshupise tsela eo ke tshwanetseng ho ya ka yona, hobane ke nyolosetsa moya wa ka ho wena.

9 Jehova, o ntopolle direng tsa ka, hobane ke balehela ho wena.

10 O nthute ho etsa ho ratwang ke wena, hobane o Modimo wa ka. Moya wa hao o molemo o ke o ntsamaise naheng ya ho loka.

11 Jehova, o boele o mphedise ka baka la lebitso la hao; ka ho loka ha hao o ntshe moya wa ka tsielehong;

12 ka mohau wa hao o timeletse dira tsa ka, o fedise bohle ba lwantshang moya wa ka, kahobane ke mohlanka wa hao.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan