Dipesaleme 141 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thapelo ya ka phirima mehleng ya tsietsi. Pesaleme ya Davida. 1 Jehova, ke bitsa ho wena, o phakise ho tla nthusa! o sekehele lentswe la ka tsebe, ha ke bitsa ho wena! 2 Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya! 3 Jehova, bea selebedi pela molomo wa ka, o lebele monyako wa melomo ya ka! 4 O se ke wa leseletsa pelo ya ka ho sekamela bobe, ke se ke ka etsa tse mpe ka lonya le ba sebetsang bokgopo, ke se ke ka latswa menate ya bona. 5 Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing. 6 Ha babusi ba bona ba dihetswe dilomong, ke moo ba tlang ho utlwa ditaba tsa ka, hobane di molemo. 7 Masapo a rona a hasane molomong wa nqalo ya bafu, jwaloka lefatshe ha le lengwa, leha le phophothwa. 8 E, Jehova Morena, mahlo a ka a lelaletse ho wena, ke tshepile wena, o se ke wa lesa bophelo ba ka ho timela! 9 O ntwele mameneng ao ba njthekelang wona, le marabeng a ba bolotsana. 10 Ba babe ba ke ba wele marabeng a bona, ke tle ke be ke phonyohele ruri. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa