Dipesaleme 140 - Sesotho 1909/1961 (SO)Motho o ithapella bakeng sa batho ba mo hloileng. Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida. 1 Jehova, o nnamolele ho batho ba babe; o ntwele ho batho ba bohale, 2 ba rerang bobe dipelong tsa bona, ba tsosang ntwa kamehla. 3 Ba tjhaditsa maleme a bona jwaloka dinoha, mahloko a marabe a katlasa melomo ya bona. (Sela.) 4 Jehova, ntshireletse letsohong la e mobe, o mpoloke ho batho ba bohale, ba rerang ho kgothometsa maoto a ka! 5 Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.) 6 Ke ntse ke re ho Jehova: O Modimo wa ka. Jehova, o sekehele lentswe la dithapedisiso tsa ka tsebe! 7 Jehova Morena, matla a poloko ya ka, o sirela hlooho ya ka ka letsatsi la ntwa. 8 Jehova, o se ke wa fa e mobe kamoo a lakatsang kateng; o se ke wa netafatsa morero wa hae, esere a ithorise hampe. (Sela.) 9 Ba ntikang a ba ke ba welwe ke ditshokelo tse tswileng melomong ya bona! 10 Mashala a hlenneng a ke a hlohlorehele hodima bona! Ba ke ba dihelwe malakabeng le mohomeng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha. 11 Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe. 12 Ke tseba hobane Jehova o ahlolela mohlomohi le hobane o lokisetsa ya lesitsi. 13 E, ba lokileng ba tla rorisa lebitso la hao; batho ba nang le ho loka ba tla nne ba hlole pela hao. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa