Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Bokgopo ha bo le kahohle, morapedi o lakatsa poloko.
Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida.

1 Lehlanya le itse pelong ya lona: Modimo ha o yo. Ba bodile, mesebetsi ya bona e manyala; ha ho ya etsang hantle.

2 Jehova o tadimile bara ba batho, a le lehodimong, a tle a bone hoba na o teng ya nang le kutlwisiso, ya batlang Modimo.

3 Bohle ba kgelohile, ba itshentse hammoho; ha ho ya etsang hantle, leha a le mong.

4 Na bakgopo bao kaofela ba hloka tsebo keng? Ba ja setjhaba sa ka jwalokaha ho jewa bohobe. Ha ba rapele Jehova.

5 Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, etswe Modimo o le hara moloko wa ba lokileng.

6 Tshwepholang ditaba tsa ya madimabe! ... Jehova ke setshabelo sa hae.

7 Hola poloko e ka tlela Iseraele, e etswa Sione! ... Mohla Jehova a kgutlisang setjhaba sa hae se holehilweng, Jakobo o tla thaba, Iseraele a nyakalle!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan