Dipesaleme 138 - Sesotho 1909/1961 (SO)Modimo, mophethi wa tsohle. Pesaleme ya Davida. 1 Ke tla o rorisa ka pelo ya ka yohle, ke o roke pela medimo; 2 ke o kgumamele pela ntlo ya hao e halalelang, ke roke lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao, hobane o phethile dipallo tsa hao ka diketso tse fetisang botumo ba hao kaofela. 3 Eitse ha ke bitsa, wa nkaraba, wa nnatlafatsa, matla a kena moyeng wa ka. 4 Jehova, marena wohle a lefatshe a tla o rorisa, ha a utlwa mantswe a tswileng molomong wa hao, 5 a tla roka ditsela tsa Jehova, hobane kganya ya Jehova e kgolo. 6 Jehova o phahamile, o bona ba ikokobetsang, mme o tsebisisa baikakasi ba sa le hole. 7 Leha ke tsamaya hara matswalo, o tla mphedisa, o tla qobisa bohale ba dira tsa ka ka letsoho la hao, letsoho le letona la hao le mpholose. 8 Jehova o tla phetha tsohle sebakeng sa ka. Jehova, mohau wa hao ke o sa feleng. O se ke wa tlohela mesebetsi ya matsoho a hao. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa