Dipesaleme 137 - Sesotho 1909/1961 (SO)Dillo tsa ba ileng kgolehong Babilona. 1 Mabopong a dinoka tsa Babilona re ne re dutse, re lla, ha re hopola Sione; 2 ra feha diharepa tsa rona meduwaneng ya teng; 3 hobane, teng, ba neng ba re isitse kgolehong, ba ne ba kopa dipina ho rona, mme batubi ba rona ba ne ba re qela difela tsa thabo, ba re: A le ke le re bineleng difela tsa Sione! 4 Re ka bina difela tsa Jehova jwang lefatsheng la baditjhaba? 5 Ha nka o lebala, Jerusalema, letsoho la ka le letona le ke le ntebale; 6 leleme la ka le ke le kgomarele mahalapa a ka, ha nka o lebala, ha ke sa bee Jerusalema hore e be thabo ya ka ya pele ho dithabo tse ding! 7 Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae! 8 Moradi wa Babilona, ya tlang ho etswa dithako, ho lehlohonolo ya tlang ho busetsa ho wena seo o re entseng sona! 9 Ho lehlohonolo motho ya tlang ho tshwara bana ba hao, a ba pshatlanye majweng! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa