Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 136 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Ho roriswa mohau wa Modimo.

1 Rorisang Jehova, hobane o molemo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

2 Rorisang Modimo wa medimo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

3 Rorisang Morena wa marena: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

4 Yena a nnotshi ya entseng mehlolo e meholo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

5 Ya entseng mahodimo ka kelello: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

6 Ya ahileng lefatshe kahodima metsi: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

7 Ya entseng masedi a maholo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

8 Letsatsi ho busa motshehare: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

9 Kgwedi le dinaledi ho busa bosiu: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

10 Ya otlileng Baegepeta matsibolong a bona: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

11 Mme a ntsha Iseraele teng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

12 Ka seatla se matla le ka letsoho le otlolohileng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

13 Ya arohantseng Lewatle le Lefubedu ka lehare: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

14 A tshedisa Iseraele hara lona: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

15 Mme a dihela Faro le makgotla a hae Lewatleng le Lefubedu: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

16 A ba a haodisa setjhaba sa hae feelleng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

17 A timeletsa marena a maholo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

18 A bolaya marena a matla: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

19 Sihone, morena wa Baamore: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

20 Le Oge, morena wa Bashane: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

21 A neela naha ya bona e be lefa: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

22 E be lefa la Iseraele, mohlanka wa hae: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

23 Ya re hopotseng boikokobetsong ba rona: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

24 Mme a re namolela ho batubi ba rona: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

25 Ya fang dibopuwa tsohle dijo: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

26 Rorisang Modimo wa mahodimo! Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan