Dipesaleme 129 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ba hloileng Sione ba tla fela. Sefela sa Mahalothe. 1 Esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo, 2 — Israele a ke a rialo! — esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo; empa ha ba ka ba ntlhola. 3 Balemi ba lemile mokokotlo wa ka, ba isitse maselatsela a bona halelele. 4 Jehova o lokile, o kgaotse mehala ya ba babe. 5 A ba ke ba hlabiswe dihlong, ba suthe kasanthao, bohle ba hloileng Sione. 6 A ba ke ba be jwaloka jwang bo melang marulelong, bo omellang bo eso ho hole; 7 mohedi a ke ke a tlatsa letsoho la hae ka jona, ya tlamang mangata a ke ke a bo jara; 8 le bona bafeti ha ba na ho re: Jehova a le hlohonolofatse! re le hlohonolofatsa lebitsong la Jehova! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa