Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 126 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Pina ya ba kgutlileng kgolehong.
Sefela sa Mahalothe.

1 Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.

2 Yaba molomo wa rona o tshela ditlatse tsa thabo, le leleme la rona dipina tsa nyakallo. Ha nna ha thwe hara ditjhaba: Jehova o ba etseditse ntho tse kgolo.

3 E, Jehova o re etseditse ntho tse kgolo; ke sona se re thabisang.

4 Jehova, kgutlisa batshwaruwa ba rona jwaloka melatswana naheng ya Borwa.

5 Ba jalang ka meokgo, ba tla kotula ka mehoo ya thabo.

6 Mojadi o tswela pele a ntse a lla, a jere dipeo tseo a di hasang; o tla kgutla ka thabo a ntse a thotha mangata a hae.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan