Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 125 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Modimo ke lerako le sireletsang Iseraele bakeng sa meleko le kweneho.
Sefela sa Mahalothe.

1 Ba itshepetseng Jehova ba jwaloka thaba ya Sione e ke keng ya sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng.

2 Dithaba di teela Jerusalema hare; Jehova o teela setjhaba sa hae hare jwalo, jwale le ka ho sa yeng kae.

3 Hobane lere la bolotsana le ke ke la dula kabelong ya ba lokileng, esere mohlomong ba lokileng ba otlollela bokgopo matsoho a bona.

4 Jehova, etsa molemo ho batho ba molemo le ho ba pelo tse lokileng!

5 Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan