Dipesaleme 124 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thoko e rokang ya tsebang ho lwela motho metsing le marabeng. Sefela sa Mahalothe. Sa Davida. 1 Hola e se be Jehova ya re lwanetseng, — Iseraele a ke a rialo! — 2 hola e se be Jehova ya re hauhetseng, mohla batho ba neng ba re phahamela, 3 ba ka be ba re hohlomeditse re ntse re utlwa, mohla bohlanya ba bona bo re tukelang; 4 mehleng eo, metsi a ka be a re kgurumeditse, mme diphororo di ka be di fetile hodima meya ya rona. 5 Metsi a phorosetsang a ka be a fetile hodima meya ya rona. 6 Ho roriswe Jehova ya sa kang a re neela ho rusollwa ke meno a bona! 7 Moya wa rona o phonyohile jwaloka nonyana lerabeng la motshwasi; leraba le ne le kgaohe, ra phonyoha. 8 Thuso ya rona e lebitsong la Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa