Dipesaleme 121 - Sesotho 1909/1961 (SO)Monate wa poloko ya Modimo. Sefela sa Mahalothe. 1 Ke lelaletsa mahlo a ka dithabeng; thuso ya ka e tla tswa kae? 2 Thuso ya ka e tswa ho Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe. 3 A ke ke a leseletsa leoto la hao ho kgothometseha; molebedi wa hao a ke ke a otsela. 4 Bona, ha a otsele, ha a robale, molebedi wa Iseraele. 5 Jehova ke molebedi wa hao; Jehova ke moriti wa hao tsohong la hao le letona. 6 O ke ke wa batwa ke letsatsi ka nyene, leha e le ke kgwedi ka bosiu. 7 Jehova o tla o sireletsa bobeng bohle; o tla boloka moya wa hao. 8 Leha o ka tloha, leha o ka kgutla, Jehova o tla o baballa, jwale le ho isa ho sa feleng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa