Dipesaleme 116 - Sesotho 1909/1961 (SO)Teboho ya ya phonyositsweng lefung. 1 Ke rata Jehova, hobane o utlwile lentswe la ka, le merapelo ya ka; 2 hobane o ntshekehetse tsebe; ke tla mo rapela ke hona ka matsatsi wohle a ho phela ha ka. 3 Ditlamo tsa lefu di na be di nthatetse, ke na be ke tshwerwe ke matswalo a nqalo ya bafu, ka fumana matswalo le hlokofalo. 4 Empa ka rapela lebitso la Jehova, ka re: Oho Jehova, o boloke moya wa ka! 5 Jehova o lereko, o lokile, Modimo wa rona o tletse mohau. 6 Jehova o boloka ba bonolo; ke ne ke hlomohile, mme a tlisa thuso ho nna. 7 Moya wa ka, o boele phomolong ya hao, hobane Jehova o o entse hantle. 8 Efela o ntshitse moya wa ka lefung, le mahlo a ka dillong, le maoto a ka kgothometsehong. 9 Ke tla nne ke tsamaye pela sefahleho sa Jehova, lefatsheng la ba phelang. 10 Ke dumetse, ke boletse ke hona. Ka na ka hlokofala ka mokgwa o fetisang! 11 Ka ba ka re matswalong a ka: Batho bohle ke bathetsi. 12 Ke tla busetsang ho Jehova? Melemo yohle ya hae e ho nna. 13 Ke tla emisa senwelo sa topollo, ke rapele lebitso la Jehova; 14 ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela. 15 Ho leng thata mahlong a Jehova, ke lefu la bakgethehi ba hae. 16 Oho Jehova, ke mohlanka wa hao; ke mohlanka wa hao ka sebele, mora wa lekgabunyane la hao. O lokolotse ditlamo tsa ka. 17 Ke tla o hlahisetsa sehlabelo sa teboho, ke rapele lebitso la Jehova. 18 Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela, 19 mabaleng a ntlo ya Jehova, kahare ho wena, Jerusalema! Bokang Jehova! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa