Dipesaleme 115 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ho rapelwa Modimo wa Iseraele hore o tlotlise lebitso la wona. 1 Kganya ya hao, Jehova, se e nee rona; se e nee rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le la nnete ya hao! 2 Ke kang ha ditjhaba di tla re: Na jwale Modimo wa bona o kae? 3 Athe Modimo wa rona o mahodimong; o etsa tsohle tseo o di ratang. 4 Ditshwantsho tsa bona ke silefera le kgauta, mosebetsi wa matsoho a batho. 5 Di na le melomo, mme ha di bue; di na le mahlo, mme ha di bone; 6 di na le ditsebe, mme ha di utlwe; di na le dinko, mme ha di fofonele; 7 di sitwa ho tshwara ka diatla tsa tsona; ka maoto a tsona ha di tsamaye, ha ho lentswe le tswang mmetsong wa tsona. 8 Kamoo di leng kateng, ba di etsang ba tla ba jwalo, le bohle ba beang tshepo ya bona ho tsona. 9 Iseraele, o itshepele Jehova: ke yena thuso ya bona le thebe ya bona. 10 Ntlo ya Aarone, o itshepele Jehova: Ke yena thuso ya bona le thebe ya bona. 11 Lona ba tshabang Jehova, itshepeleng Jehova: ke yena thuso ya bona le thebe ya bona. 12 Jehova o re hopotse; o tla re hlohonolofatsa; o tla hlohonolofatsa ntlo ya Iseraele; o tla hlohonolofatsa ntlo ya Aarone; 13 o tla hlohonolofatsa ba tshabang Jehova, ba banyenyane le ba baholo. 14 Jehova o tla le atisa, lona le bana ba lona. 15 Le bahlohonolofatswa ba Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe. 16 Haele mahodimo, ke mahodimo a Jehova, mme lefatshe o le neile bana ba batho. 17 Hase bafu ba ka rokang Jehova, leha e le ba theohelang nqalong e kgutsitseng; 18 empa rona, re tla boka Jehova, jwale le ho isa ho bo sa feleng! Bokang Jehova! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa