Dipesaleme 113 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ho rokwa ya nyollang motho ya ikokobeditseng. 1 Bokang Jehova! Rorisang, lona bahlanka ba Jehova, rorisang lebitso la Jehova! 2 Ho bokwe lebitso la Jehova jwale le ka ho sa yeng kae! 3 Lebitso la Jehova a le ke le roriswe, ho nka botjhabela ho isa bophirimela. 4 Jehova o phahamile kahodimo ho ditjhaba kaofela, le kganya ya hae e kahodimo ho mahodimo. 5 Ke mang ya tshwanang le Jehova, Modimo wa rona? O ahile nqalong tse hodimodimo; 6 o inamela ho nyarela mahodimong le lefatsheng. 7 O tsosa ya madimabe leroleng, o ntsha ya lesitsi thotobolong; 8 a tle a ba dudise le mahosana, e, le mahosana a setjhaba sa hae. 9 Mosadi ya nyopileng o etsa hore a be le ntlo, o mo nea le bana bao a thabang ka bona. Bokang Jehova! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa