Dipesaleme 109 - Sesotho 1909/1961 (SO)Thohako e rohakang ya ratang bobe ho ena le botle. Ho monga baphokodi. Pesaleme ya Davida. 1 Oho Modimo oo ke o rorisang, o se ke wa ikgutsetsa! 2 Hobane molomo wa e mobe le molomo wa mothetsi e nkahlametse ho ntwantsha; 3 ba bua le nna ka leleme le leshano, ba nteela hare ka mantswe a hloyo, ba ntwantshetsa lefeela! 4 Bakeng sa lerato la ka ba ipeile dira ho nna; empa nna, ha ke phetse ho rapela. 5 Ba ntefela botle ka bobe, le lerato ka hloyo. 6 O neele motho ya jwalo matleng a e mobe, mme moqosi a eme lehlakoreng la hae le letona. 7 A tlohe kahlolong a tswilwe, thapelo ya hae a e ballwe sebe! 8 Matsatsi a hae e be a se makae, e mong a ikgapele kabelo ya hae! 9 Bana ba hae e ke e be dikgutsana, mosadi wa hae e be mohlolohadi. 10 Bana ba hae e ke e be melele e kopang, ba sikile hole le ntlo ya bona e senyehileng. 11 Eo a namileng ho yena a a ke a je tseo a nang le tsona kaofela, basele ba ke ba lobele tseo a di ruileng ka ho sebetsa ha hae. 12 A ho se be motho ya mo etsetsang mohau, ho se be ya utlwelang dikgutsana tsa hae bohloko! 13 Ditloholo tsa hae di ke di timetswe, lebitso la hae le timele molokong o hlahlamang. 14 Makgopo a bontatae a ke a boele a fihle kelellong pela Jehova, sebe sa mmae se se ke sa hlakolwa; 15 di mpe di ke di be pela Jehova kamehla, a fedise ho hopola ha bona lefatsheng! 16 Hobane ha a ka a hopola ho etsa ka mohau; empa o hlorisitse motho ya madimabe, le ya lesitsi, le mohlomohi, a tle a tlose bophelo ba bona. 17 O ratile thohako; a e ke e mo wele hodimo! Ha a ka a thabela ho hlohonolofatsa, lehlohonolo a le ke le be hole le yena! 18 O ne a ipopa ka thohako jwaloka hola ke kobo, ya monyella ka ho yena jwaloka metsi, le jwaloka ole masapong a hae. 19 E ke e be ho yena jwaloka kobo eo a ikgatumetsang ka yona, le jwaloka senyepa seo a itlamang ka sona kamehla! 20 E be moputso oo ka wona Jehova a putsang sera sa ka le ba bolelang bobe hodima ka. 21 Empa wena, Jehova, Morena, o nthuse ka baka la lebitso la hao, hobane lereko la hao le molemo; 22 o mpoloke, hobane ke ya madimabe le ya lesitsi, mme pelo ya ka e hlabehile kahare ho nna. 23 Ke ikela jwaloka moriti o otlolohang, ke akgelwa hohle ke moya jwaloka tsie. 24 Mangole a ka a tetema ke ho itima dijo, bohakolo bo monyehile mmeleng wa ka o otileng. 25 Ke neetswe ditshomo tsa bona, ha ba ntadima ba sisinya dihlooho tsa bona. 26 O nthuse, Jehova, Modimo wa ka! O mpoloke ka mohau wa hao, 27 ba tle ba tsebe hobane ke letsoho la hao, ke wena, Jehova, ya entseng hoo! 28 Bona, ba tla rohaka, empa wena, o tla hlohonolofatsa; ha ba tsoha, ba tla tsieleha, mohlanka wa hao a ithabele. 29 Bahanyetsi ba ka ba tla apeswa ka dihlong, mme kgoboho ya bona e ba kgathumetse jwaloka kobo. 30 Ke tla rorisa Jehova ka molomo wa ka le ka lentswe le phahameng; ke tla mo roka hara bongata, 31 hobane o eme lehlakoreng le letona la ya lesitsi, o mo lopolla ho ba mo tswileng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa