Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 101 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Dikano tsa Morena.
Pesaleme ya Davida.

1 Ke tla bina mohau le kahlolo; ke tla binela wena, Jehova. Ke tla ela tsela e se nang molato hloko ... O tla tla neng ho nna?

2 Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.

3 Nke ke ka bea letho le lebe pela mahlo a ka; ke ntse ke hloile mesebetsi ya batlodi; e ke ke ya nkgomarela.

4 Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.

5 Ke tla fedisa ya etselletsang motswalle wa hae sephiring, nke ke ka mamella ya mahlo a leletseng, le ya pelo e makoko.

6 Mahlo a ka a tla tadima batshepuwa ba lefatshe, ba tle ba ahe le nna; ya latelang tsela e se nang molato, ke tla mo etsa mohlanka wa ka.

7 Ya etsang ka ho thetsa, a ke ke a dula ka tlung ya ka; ya etsang leshano ha a na ho ema pela mahlo a ka.

8 Ka hosasa ho hong le ho hong, ke tla timetsa ba bolotsana bohle ba naha, ke fedise bohle ba etsang bokgopo motseng wa Jehova.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan