Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

Dipesaleme 100 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Lefatshe lohle le memuwa hore le sebeletse Modimo wa nnete.
Pesaleme ya diteboho.

1 Phahamisetsang ho Jehova mehoo ya lona ya thabo, lona kaofela ba lefatsheng!

2 Sebeletsang Jehova ka nyakallo, le itlhahise pela sefahleho sa hae ka dipina!

3 Le tsebe hobane Jehova ke Modimo! Ke yena ya re entseng, mme re ba hae, re setjhaba sa hae, re mohlape o aloswang ke yena.

4 Kenang dikgorong tsa hae ka diteboho, le mabaleng a hae ka dithoko! Mo leboheng, le rorise lebitso la hae!

5 Hobane Jehova o molemo, mohau wa hae o hlola ka ho sa yeng kae, le botshepehi ba hae melokong le melokong.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan