Dipesaleme 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)BUKA YA PELE Ho se tshwane ha morapedi le ya sa rapelang. 1 Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng keletso ya bakgopo, ya sa emeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi; 2 empa a ithabela malaong wa Jehova, molao wa wona a o nahana motshehare le bosiu. 3 O jwaloka sefate se hlomilweng pela metsi a kwellang, se beang ditholwana tsa sona ka kgwedi ya tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; seo a se etsang kaofela se a mo atla. 4 Empa bakgopo ha ba jwalo, ba jwaloka mooko o fefolwang ke moya; 5 le kahlolong bakgopo ba ke ke ba ema, leha e le baetsadibe phuthehong ya ba lokileng. 6 Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa