Diketso 18 - Sesotho 1909/1961 (SO)Pauluse ha a le Korinthe; o teana teng le Akila le Prisilla. 1 Kamora tseo, Pauluse a tloha Athene, a ya Korinthe. 2 Teng, a fihlela Mojuda e mong, ya bitswang Akila, ya tswaletsweng Ponto; o ne a sa tswa tloha Italia, a ena le Prisilla, mosadi wa hae; hobane Klaude o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma; mme Pauluse a tla ho bona. 3 Kahobane e ne e le motho wa mosebetsi o le mong le bona, a dula ha bona, a ntse a sebetsa; hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho etsa ditente. 4 Empa ka matsatsi wohle a Sabatha, o ne a bolela ditaba sinagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike. 5 Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste. 6 Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba. 7 Eitse ha a etswa teng, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e tshwarane le sinagoge. 8 Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa. 9 Morena a bolella Pauluse bosiu, ka pono, a re: Se tshabe, o hlo o bue, o se ke wa kgutsa; 10 hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona. 11 Mme a hlola teng selemo se nang le dikgwedi tse tsheletseng, a ntse a ruta lentswe la Modimo hara bona. 12 Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla, 13 ba re: Enwa o ruta batho ho sebeletsa Modimo ka mokgwa o fapaneng le molao. 14 Empa Pauluse ha a re o ahlamisa molomo wa hae, Galione a re ho Bajuda: Bajuda, holane ho tsekwa taba e kgopo, leha e le ketso e nngwe ya bolotsana, nka be ke tshwanela ho le emela. 15 Empa ha ho tsekwa taba ya mantswe, le ya mabitso, le ya molao o ho lona, le tla iponela teng le nnotshi; hobane nna, ha ke rate ho ba moahlodi wa taba tse jwalo. 16 A ba a ba leleka kgotla. 17 Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo. Pauluse o etela Jerusalema; o kgutlela Antioke. 18 Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano. 19 Ha a fihla Efese, moo a neng a tla ba tlohela teng, a kena sinagogeng, a fetolana le Bajuda. 20 Ba mo rapela hore a boele a dule ditshiuana le bona, empa a se ke a dumela. 21 A mpa a ba dumedisa, a re: E ka kgona mokete o tlang ke o je Jerusalema; ke tla boela ke kgutlele ho lona, ha Modimo o dumela. Mme a tloha Efese. 22 Eitse ha a tswile sekepeng Sesarea, a nyolohela Jerusalema, a dumedisa kereke, a ntoo theohela Antioke. Leeto la boraro la Pauluse; o ya Efese. — Apolose ha a le Efese le Korinthe. 23 Yare ha a hlotse teng matsatsi a mang, a tloha, a etela ka hlomahanyo dinaha tsa Galatia le tsa Frigia, a ntse a tiisa barutuwa kaofela. 24 Mojuda e mong, ya bitswang Apolose, ya tswaletsweng Aleksandria, monna ya hlalefileng, ya tsebang Mangolo haholo, a fihla Efese. 25 Monna eo o ne a rutilwe tsela ya Morena; o ne a bua ka moya o nang le tjheseho, a ruta ka kelello ditaba tsa Morena, leha a ne a tseba kolobetso ya Johanne feela. 26 A qala ho bua sinagogeng a sa tshabe letho. Yare ha Akila le Prisilla ba mo utlwa, ba mo nkela ha bona, mme ba mo hlalosetsa tsela ya Modimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele kateng. 27 Yare ha a rata ho fetela Akaea, baena ba ngolla barutuwa, ba ba kgothatsa hore ba mo amohele. Eitse ha a fihla ho bona, a thusa haholo ba dumetseng ka mohau wa Modimo. 28 Hobane o ne a hlola Bajuda pontsheng ka matla a maholo, a ba bontsha ka Mangolo hore Jesu ke Kreste. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa