Diketso 10 - Sesotho 1909/1961 (SO)Molaodi Kornele, moditjhaba wa pele ya sokolohileng ka Petrose. — Moya o Halalelang o newa le bona baditjhaba. — Petrose o ikarabela pela bakreste ba Jerusalema. 1 Monna o ne a le teng Sesarea, lebitso la hae e le Kornele, e le molaodi wa lekgolo lekgotleng le bitswang la Italia. 2 E ne e le motho wa borapedi, ya tshabang Modimo, yena le ba ntlo ya hae bohle; o ne a thusa haholoholo bafumanehi ba hara setjhaba, mme o ne a sa phetse ho rapela Modimo. 3 A bona mohlolo ka hora ya boroba mono o le mong, a bontshisa lengeloi la Morena le etla ho yena, mme la re ho yena: Kornele! 4 Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe. 5 Jwale, romela banna Jopo, o late Simone e mong, ya reilweng Petrose. 6 O fapohetse ha monna ya bitswang Simone, mosuhi, eo ntlo ya hae e leng pela lewatle; ke yena ya tla o bolella seo o tshwanetseng ho se etsa. 7 Yare hobane lengeloi le buang le Kornele le tlohe, a bitsa bahlanka ba hae ba le babedi, wa boraro e le mohlabani ya tshabang Modimo, wa ba dulang ho yena. 8 Mme a ba phetela ditaba tsohle, a ntoo ba roma Jopo. 9 Ka hosasane, yare ha ba sa le tseleng, ba se ba atamela motse, Petrose a nyolohela hodima ntlo ho ya rapela, ha hora e batlile ho ba ya botshelela. 10 A lapa, a rata ho ja. Empa ha ba sa ntse ba mo lokisetsa dijo, moya wa hae wa hapjwa. 11 A bona lehodimo le phetlilwe, mme ho theohela ho yena ntho e kang lesela le leholo, le tlamilweng dintlheng tse nne, le lepellelang fatshe. 12 Le ne le nkile tsohle tsa lefatshe tse maoto a mane, le tse hahabang, le dinonyana tsa lehodimo. 13 Yaba lentswe le fihla ho yena, la re: Petrose, ema, o hlabe, o je. 14 Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang. 15 Lentswe la eketsa la re ho yena la bobedi: Tseo Modimo o di hlwekisitseng, o se ke wa re, di ditshila. 16 Hoo ha etswa hararo, lesela la ntoo boela le nyolosetswa lehodimong. 17 Petrose a re a sa ntse a nahana hore na mohlolo oo a o boneng o reng, ha fihla banna ba romilweng ke Kornele, ba botsa ntlo ya Simone; yaba ba ema monyako, 18 ba bitsa, ba botsa hore na ke moo Simone, ya bitswang Petrose, a fapohetseng teng na? 19 Petrose a re a sa ntse a nahana mohlolo oo, Moya wa re ho yena: Banna ke bao ba bararo, ba o batla. 20 Hlo o theohe, mme o ye le bona, o sa kganane, hobane ke nna ke ba romileng. 21 Yaba Petrose o theohela ho banna ba romilweng ho yena ke Kornele, a re: Ke nna eo le mmatlang; le tlile ka taba efe? 22 Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya roriswang ke setjhaba kaofela sa Bajuda, o laetswe ke Modimo ka lengeloi le halalelang, ho o biletsa tlung ya hae, a tle a utlwe seo o tla mmolella sona. 23 Yaba o ba biletsa ka tlung, a ba amohela teng. Ka hosasane, Petrose a tloha le bona, mme baena ba bang ba Jopo ba ya le yena. 24 Yare ka hosasane, ba kena Sesarea. Kornele o ne a ba lebeletse, a bile a bitsitse le bahabo le metswalle ya hae e meholo. 25 Yare ha Petrose a kena, Kornele a mo kgahlanyetsa, a itihela maotong a hae, a mo kgumamela. 26 Empa Petrose a mo tsosa, a re: Tsoha; le nna ke motho feela. 27 A kena le yena, ba ntse ba bua hammoho, mme a fihlela batho ba bangata ba phuthehetse teng. 28 A re ho bona: Le a tseba hobane motho wa Mojuda ha a dumellwe ho kopana le moditjhaba, leha e le ho kena ha hae; empa Modimo o nkeleditse hobane ke se ke ka re, motho e mong o ditshila, leha e le ho re, ha a hlweka. 29 Ka baka leo, eitse hobane ke bitswe, ke tlile feela ke sa hane; mme jwale, ke le botsa taba eo le mpileditseng yona. 30 Yaba Kornele o araba, a re: Ho se ho fetile matsatsi a mane, ka nako e kang yona ena, ke ne ke itima dijo, ke rapela ka tlung ya ka ka hora ya boroba mono o le mong, mme ka bona monna a eme pela ka ka diaparo tse kganyang; 31 a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo. 32 Jwale, romela Jopo, o late Simone, ya reilweng Petrose; o fapohetse tlung ya Simone mosuhi, e pela lewatle; etlare hobane a tle, ke yena ya tla bua le wena. 33 Ke ka baka leo ke phakisitseng ka romela ho wena; o entse hantle ha o tlile. Jwale, re dutse mona kaofela kapela Modimo, ho utlwa tsohle tseo Modimo o o laetseng tsona. 34 Yaba Petrose o ahlamisa molomo, a re: Ke lemoha ka nnete hore Modimo ha o ye ka tshobotsi ya batho. 35 Empa hara ditjhaba tsohle, ya o tshabang, le ya etsang ho lokileng, ke yena ya o kgahlisang. 36 Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba, 37 le tsona ditaba tse hlahileng Judea yohle, tse qadileng Galelea, kamora kolobetso e boletsweng ke Johanne; 38 kamoo Modimo o tlotsitseng ka Moya o Halalelang kateng, le ka matla Jesu wa Nasaretha, ya neng a tsamaya hohle, a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hataketsweng ke Diabolose; hobane Modimo o ne o ena le yena. 39 Rona, re dipaki tsa ditaba tsohle tseo a di entseng naheng ya Bajuda le Jerusalema. Ba mo fanyehile sefateng, ba mmolaya. 40 Empa Jesu eo, Modimo o mo tsositse bafung ka letsatsi la boraro, mme o mo hlahisitse pontsheng, 41 e seng ho setjhaba kaofela, e le ho dipaki tseo Modimo o di kgethileng pele, e leng rona bao re jeleng, re nweleng le yena, hobane a tsohe bafung. 42 O re laetse ho bolella setjhaba, le ho paka hore ke yena ya beilweng ke Modimo ho ahlola ba phelang le ba shweleng. 43 Baporofeta bohle ba mmoletse ka taba ya hore, e mong le e mong ya dumelang ho yena, o tla bona tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae. 44 Yare ha Petrose a sa ntse a bolela taba tseo, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba utlwang lentswe. 45 Badumedi bao e leng ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba ba ba makala, ha ba bona neo ya Moya o Halalelang e tshollelwa le baditjhaba. 46 Hobane ba ne ba ba utlwa ba bua dipuo disele, ba boka Modimo. 47 Yaba Petrose o bua, a re: Na ke mang jwale ya ka hanang le metsi, hore bao ba se ke ba kolobetswa, haele mona ba se ba amohetse Moya o Halalelang jwaloka rona na? 48 Jwale, a laela hore ba kolobetswe ka lebitso la Morena. Yaba ba mo rapela, ba re, a ke a hlole le bona matsatsi a mang. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa