Baroma 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ho etswe ka mamellano. 1 Haele ya fokolang tumelong, le mo amohele, e seng ho fapanyetsana ditaba le yena ka kgang. 2 Hobane e mong o re, a ka ja ntho tsohle, athe e mong ya fokolang o ja meroho feela. 3 Ya jang tsohle a se ke a nyedisa ya sa jeng tsohle, mme ya sa jeng tsohle le yena a se ke a ahlola ya jang tsohle; hobane Modimo o mo amohetse. 4 Na o mang, ha o ahlola mofo wa e mong? Leha a ka ema, leha a ka wa, ho na le monghadi wa hae; athe o tla ema, hobane Modimo o na le matla a ho mo emisa. 5 E mong o lekanya letsatsi le leng hoba le leholo ho a mang, kanthe e mong o re, matsatsi kaofela a lekana. E mong le e mong a ke a kgolwe hantle moyeng wa hae. 6 Ya kgethang letsatsi, o le kgetha ka baka la Morena, mme ya sa kgetheng letsatsi, ha a le kgethe ka baka la Morena. Ya jang tsohle, o ja ka baka la Morena, hobane o leboha Modimo; mme ya sa jeng tsohle, ha a je ka baka la Morena, mme o leboha Modimo le yena. 7 Hobane ha ho motho ho rona ya iphelelang, mme hape ha ho motho ya itjhwellang. 8 Hobane leha re phela, re phelela Morena, mme leha re eshwa, re shwela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re eshwa, re ba Morena. 9 Hobane ha Kreste a shwele, a ba a tsoha, a boela a phela, ke ho re, e be yena ya busang bafu le ba phelang. 10 Empa wena, o ahlolelang ngwaneno? Kapa wena, o nyedisetsang ngwaneno? Athe bohle re tla emiswa pela setulo sa kahlolo sa Modimo. 11 Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ka nna ya phelang, ho rialo Morena, ke re: Mangwele wohle a tla kgumama pela ka, mme maleme wohle a tla tlotlisa Modimo. 12 Ka mokgwa o jwalo, motho ka mong ho rona o tla ikarabela ho Modimo bakeng sa tsa hae. 13 A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona. 14 Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena. 15 Ekare ha o swabisa ngwaneno ka baka la sejo se seng, teng ha o tsamaye ka lerato. O se ke wa fedisa ka sejo sa hao motho eo Kreste a mo shwetseng. 16 Ha ho le jwalo, botle boo ba lona bo se ke ba nyatsuwa; 17 hobane mmuso wa Modimo hase ho ja, hase ho nwa, empa ke ho loka, le kgotso, le thabo, ka Moya o Halalelang. 18 Hobane ya sebeletsang Kreste nthong tseo, o kgahlisa Modimo, mme o emelwa ke batho. 19 A re ke re batleng ke hona ditaba tse hlahisang kgotso, le tseo re ka hahisanang hammoho ka tsona. 20 O se ke wa fedisa mosebetsi wa Modimo ka sejo sa hao. Efela ntho tsohle di hlwekile, empa motho a ka etsa hampe ha a di ja a ntse a kgopisa e mong. 21 Ho hotle hore ho se ke ha jewa nama, ho se ke ha nowa veine, ho se ke ha etswa letho, leha le le leng, le ka kgopisang ngwaneno, leha e le ho mo kgolokgothehisa, leha e le ho mo fokodisa. 22 Ha o ena le tumelo, o be le yona kahare ho wena pela Modimo. Motho ya lehlohonolo ke eo letswalo la hae le sa mo tsweng dinthong tseo a di emelang. 23 Empa ya belaelang, ha a eja, o tsuong, kahobane ha a je ka tumelo; mme se seng le se seng se sa etsweng ka tumelo ke sebe. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa