3 Johanne 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)Tumediso. — Ho roriswa Gaiuse. 1 Nna, moholo, ke ngolla Gaiuse, moratuwa, eo ke mo ratang nneteng. 2 Moratuwa, ke rata hoba o atlehe nthong tsohle, mme o iketle mmeleng wa hao, jwalokaha moya wa hao o atlehile. 3 Hobane ke thabile haholo ha baena ba fihlileng mona ba pakile nnete ya hao, kamoo o tsamayang nneteng kateng. 4 Ho nna ha ho thabo e fetisang ena, ya ho utlwa hoba bana ba ka ba tsamaya nneteng. 5 Moratuwa, o etsa ka bokgabane ho tsohle tseo o di etsetsang baena le baeti. 6 Ke bona ba pakileng lerato la hao pela kereke; mme o tla etsa hantle ha o ba baballa leetong la bona ka mokgwa o ka bokwang ke Modimo. 7 Hobane ba tsamaile ka baka la lebitso la wona, ba sa amohele letho ho baditjhaba. 8 Efela re tshwanetse ho amohela ba jwalo, hore re sebedisane le nnete. Ho qoswa Diotrefe; ho roriswa Demetriuse. — Ditumediso. 9 Ke ngoletse kereke; empa Diotrefe, ya ratang ho ba wa pele wa bona, ha a re amohele. 10 Ka baka leo, mohla ke tlang ha heno, ke tla le hopotsa diketso tsa hae, tseo a di etsang, ha a ntse a re seba ka mantswe a lonya, mme ha a kgolwe ke hoo, empa, ere a sa amohele baena, o thibela le ba ratang ho ba amohela, a be a ba leleke kerekeng. 11 Moratuwa, o se ke wa etsisa bobe, o mpe o etsise botle. Ya etsang hantle o tswa ho Modima; empa ya etsang hampe ha a ka a bona Modimo. 12 Demetriuse o bokwa ke bohle, le ke yona nnete; le rona re a mmoka, mme le a tseba hobane poko ya rona ke ya nnete. 13 Ke ne ke na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke o ngolla tsona; empa ha ke rate ho di ngola ka pene le ka enke; 14 empa ke tshepile hoba ke tla o bona kapele, le ho buisana le wena ka molomo. 15 Kgotso e be ho wena! Metswalle e a o dumedisa. Dumedisa metswalle ka mabitso a yona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa