2 Timothea 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Haele wena, mora ka o iphe matla mohaung o ho Jesu Kreste. 2 Mme ditaba tseo o di utwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee ho batho ba tshepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona. 3 Haele wena, mamella bothata ka mokgwa wa mohlabani ya molemo wa Jesu Kreste. 4 Ya yang ntweng ha a itshitse ka ditaba tsa bophelo bona, a tle a kgahlise ya mo memileng. 5 Ekare ha motho a lwana peisong, a ke ke a rweswa moqhaka, ha a sa ka a lwana ka molao. 6 Ya lemang ka matla, ke yena ya tshwanetseng ho kotula ditholwana pele. 7 Lemoha seo ke se bolelang; mme Morena a ke a o nee kelello tabeng tsohle. 8 Hopola hobane Jesu Kreste, e leng wa leloko la Davida, o tsohile bafung, kamoo Evangeli ya ka e bolelang kateng; 9 e leng Evangeli eo ke mamellang bothata bo boholo, mme ke bile ke tlangwa ka baka la yona, jwaloka hola ke le sehlola; empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa. 10 Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng. 11 Le tshepehile lentswe le reng: Ekare ha re eshwa le yena, re tla phela le yena; 12 mme ha re mamella bohloko le yena, re tla busa le yena; ha re mo latola, le yena o tla re latola; 13 ha re lesa ho tshepeha, yena o ya nne a tshepehe; o sitwa ho itatola. A hane dithuto tse kgelohileng, a tiise hlweko. 14 O ba hopotse taba tseo, mme o ba laele pela Morena hore ba se ke ba etsa kgang ka ditaba; kgang tseo ha di thuse letho, empa di senya ba di utlwang. 15 O tiye matla ho iketsa ya dumelehang ho Modimo, mosebetsi ya se nang ho nyatsuwa, ya rutang lentswe la nnete ka ho loka. 16 O hane meswaso ya dipolelo tsa lefeela; hobane ba tsamayang ka tsona ba tla nne ba fetele nyefolong e fetisang; 17 mme ditaba tsa bona di tla tswela pele jwaloka seso se kekang; hara bona ho na le Himenea le Filete, 18 ba kgelohileng nnete, ka ho re, tsoho ya bafu e setse e etsahetse, mme ba diha tumelo ya ba bang. 19 Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o ntse o tiile, o na le tiiso e reng: Morena o tseba bao e leng ba hae. Hape e re: E mong le e mong ya rapelang Morena, a ke a tlohe bokgopong. 20 Ka tlung e kgolo, ha ho na dipitsa tsa kgauta le tsa silefera feela, empa tsa mahong di teng le tsona tsa letsopa; tse ding ke tse hlomphuwang, tse ding ke tse sa hlomphuweng. 21 Jwale, ekare ha motho a itlhwekisa ka ho itima ntho tseo, o tla fetoha pitsa e kgethetsweng hlompho, e molemo ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e metle. 22 O ke o balehele ditakatso tsa botjha, mme o phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le kgotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hlwekileng. 23 O furalle dikgang tsohle tsa bowatla, tseo ho sa ithutweng letho ka tsona, etswe o tseba hoba di tswala dintwa. 24 Mohlanka wa Morena ha a tshwanela ho lwana; empa e ka kgona a be mosa ho bohle, a lokele ho ruta, a mamelle ka sebete. 25 A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete; 26 mme ba tlohe lerabeng la Diabolose, ya ba tshwasitseng hore ba etse kamoo a ratang kateng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa