2 Samuele 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)Amnone, mora Davida, o beta kgaitsedi ya hae Tamare. — Amnone o bolawa ke bahlanka ba Absalome. — Absalome o a baleha, o boela a hauhelwa. 1 Absalome, mora Davida, o ne a na le kgaitsedi e ntle, e bitswang Tamare; mme Amnone mora Davida, a mo rata. 2 Amnone a tsieleha, a ba a kula ka baka la Tamare, kgaitsedi ya hae; kahobane e be e sa ntsane e le morwetsana, Amnone a sitwa ho mo etsa letho. 3 Amnone o ne a na le motswalle, lebitso la hae e le Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le motho ya bohlale haholo. 4 A re ho Amnone: O otelang hakalo, ngwana morena, ka tsatsi le leng le le leng? Ha o ntsebise keng na? Amnone a re ho yena: Ke rata Tamare, kgaitsedi ya ngwaneso Absalome. 5 Jonadabe a re ho yena: Robala diphateng tsa hao, o iketse ya kulang, mme ntatao ha a tla o bona, e re ho yena: Ha ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, mme a mphepe, a mphehele dijo pela mahlo a ka, ke tle ke di tadime, mme ke di je diatleng tsa hae. 6 Yaba Amnone o robala, a iketsa ya kulang. Morena ha a tla mmona, Amnone a re ho morena: Ho ke ho tle Tamare, kgaitsedi ya ka, a ke a nketsetse maqebekwane a mabedi pela mahlo a ka, ke tle ke a je diatleng tsa hae. 7 Yaba Davida o romela ho Tamare hae, ka ho re: Eya ha Amnone, kgaitsedi ya hao, o mo phehele dijo. 8 Kahoo, Tamare a ya ha Amnone, kgaitsedi ya hae, a mo fihlela a robetse; a nka hlama, a e duba, a mo etsetsa maqebekwane pela mahlo a hae, a a pheha. 9 A ba a nka pane, a a tshola pela hae, Amnone a mpa a hana ho ja. Amnone a re: E mong le e mong a ke a tswe mona ho nna. Ba tswa kaofela pela hae. 10 Jwale Amnone a re ho Tamare: Tlisa dijo phaposing e kahare, ke tle ke di je diatleng tsa hao. Yaba Tamare o nka maqebekwane ao a a phehileng, a a tlisetsa Amnone, kgaitsedi ya hae, phaposing e kahare. 11 A re a sa a beile pela hae hore a a je, Amnone a mo tshwara, a re ho yena: Tloo, kgaitsedi ya ka, o robale le nna. 12 Eo a re: Tjhe, kgaisedi ya ka, o se ke wa nketsa ka matla, hobane hoo hase ho ka etswang Iseraeleng; o se ke wa etsa manyala ao. 13 Ke tla isa dihlong tsa ka kae? Le wena, o ka ba ntho e kang le leng la mahlanya a Iseraeleng. Bua le morena, a ke ke a o hanela le nna. 14 Amnone a hana ho mo utlwa, a mmeta, a mo hlola, a ba a robala le yena. 15 Jwale, Amnone a mo hloya ka hloyo e fetisisang, a mo hloya ka hloyo e kgolo ho lerato leo a neng a mo rata ka lona pele. Yaba Amnone o re ho yena: Tloha, o ikele. 16 Tamare a re ho yena: O se ke wa etsa ka ho nteleka bobe bo bong bo boholo, bo fetang boo o seng o nkentse bona. A mpa a hana ho mo utlwa; 17 a bitsa mohlanka wa hae ya mo sebeletsang, a re: Lelekela mosadi eo ntle, a tlohe pela ka, o mo kwalle lemati. 18 Tamare o ne a na le kobo e mebalabala, hobane e ne e le sona seaparo se aparwang ke baradi ba morena ha e ntse e le barwetsana. Yaba mohlanka wa Amnone o mo ntshetsa ntle, a mo kwalla lemati. 19 Tamare a ithuntshetsa melora hloohong, a hahola le kobo e mebalabala eo a e apereng, a bea letsoho la hae hloohong ya hae, a ikela a ntse a bokolla. 20 Yaba Absalome, kgaitsedi ya hae, o re ho yena: Na Amnone, kgaitsedi ya hao, o kile a ba le wena na? Oho, kgaitsedi ya ka, o ke o kgutse jwale, hobane ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa hlabeha ke taba eo pelong ya hao. Yaba Tamare o ya dula ha Absalome, kgaitsedi ya hae, a hlomohile. 21 Morena Davida, ha a utlwa taba tseo tsohle, a halefa haholo. 22 Absalome yena a mpa a se ke a bua ho Amnone ka taba e mpe, kapa e ntle, kahobane Absalome a ne a hloile Amnone, kahobane a betile kgaitsedi ya hae Tamare. 23 Eitse hobane ho fete dilemo tse pedi, Absalome a ba le bakuti Baale-Hatsore, naheng ya Efraime, mme Absalome a memela bara bohle ba morena teng. 24 Absalome a tla ho morena, a re: Bona, mohlanka wa hao o na le bakuti; morena a ke a tle hle le bahlanka ba hae ha mohlanka wa hao. 25 Morena a re ho Absalome: Tjhe, mora ka, re ke ke ra ya kaofela, esebe ra o imetsa. Leha a ne a mo phehella, a hana ho ya; feela a mo hlohonolofatsa. 26 Absalome a re: Ha o sa tle, ngwaneso Amnone a ke a tle le rona. Morena a re ho yena: A eleng le wena? 27 Absalome a mo phehella, Davida a ba a re, Amnone le bara bohle ba morena ba ye le yena. 28 Jwale, Absalome a laela bahlanka ba hae, a re: Le ke le bone pelo ya Amnone ha e thabile ke veine; etlere ha ke re ho lona: Bolayang Amnone, le ke le mmolaye; le se ke la tshaba; ha ke re, ke nna ke le laelang? Itiiseng, le etse ka senna. 29 Yaba bahlanka ba Absalome ba etsa ka Amnone kamoo Absalome a laetseng kateng; mme bara bohle ba morena ba tsoha, ba kalla e mong le e mong esele ya hae, ba baleha. 30 Ha ba sa le tseleng, taba tseo tsa fihla ho Davida, ha thwe: Absalome a bolaile bara bohle ba morena; ha ho a ka ha tlola le a mong. 31 Ebile morena o a ema, a hahola diaparo tsa hae, a robala fatshe; le bona bahlanka bohle ba hae ba tla, ba ema pela hae, ba hahotse diaparo tsa bona. 32 Jonadabe, mora Shimea, ngwanabo Davida, yena a bolela, a re: Monga ka a se ke a lekanya hore bahlankana bohle, bara ba morena, ba bolailwe; ho shwele Amnone a nnotshi; e bile ka morero o neng o rerwe ke Absalome haesale Amnone a senya kgaitsedie Tamare. 33 Jwale, morena, monga ka, a se ke a lekanya hore ekaba ho shwele bara bohle ba morena; ho shwele Amnone a nnotshi. 34 Haele Absalome yena, a baleha. Yaba mohlanka ya lebelang, ha a emisa mahlo ho tadima, a bona ho hlaha batho ba bangata ba tsamayang ka tsela e sikang le thaba. 35 Yaba Jonadabe o re ho morena: Bara ba morena ke bao ba fihlang, ho fela ho le jwalokaha ho boletse mohlanka wa hao. 36 A re a sa qetella puo, ha fihla bara ba morena, ba lla, ba bokolla; le yena morena a lla, le bahlanka bohle ba hae ba lla haholoholo. 37 Haele Absalome a baleha, a ya ha Talmai, mora Amihure, morena wa Geshure. Mme Davida a nna a llela mora hae ka ditshiu tsohle. 38 Absalome ha a baleha, a ya Geshure, a dula teng dilemo tse tharo. 39 Morena Davida a hlolohelwa Absalome, hobane o ne a tshedisehile bakeng sa ho shwa ha Amnone. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa