2 Marena 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)Joakase le Joase, Marena a Iseraele. — Ho shwa ha Elisha. 1 Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa Joase, mora Akasia, morena wa Juda, Joakase, mora Jehu, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng. 2 A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a ya ka dibe tseo Jeroboame, mora Nebathe, a sebisitseng Iseraele ka tsona, a se ke a di kgeloha. 3 Ebile Jehova o halefela Baiseraele, a ba neela matsohong a Hasaele, morena wa Siria, le matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, tshiung tsohle tsa Joakase. 4 Joakase a rapela Jehova, mme Jehova a mo utlwa, ha a bona ho tshwenyeha ha Baiseraele, kamoo ba tshwenngwang kateng ke morena wa Siria. 5 Jehova a nea Iseraele monamodi, ba namolelwa matsohong a Basiria, mme bana ba Iseraele ba boela ba aha ditenteng tsa bona jwaloka pele. 6 Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba furalla dibe tsa ntlo ya Jeroboame, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona, ba mpa ba itsamaela ka tsona; esita le setshwantsho sa Ashtarothe sa sala Samaria. 7 Joakase ha a ka a tlohellwa batho, haese bakalli ba mashome a mahlano, le makoloi a leshome, le dikete tse leshome tsa ba maoto; hobane morena wa Siria o ne a ba timeditse, a ba etsa jwaloka lerole ha le hatwa ka maoto. 8 Haele taba tse ding tsa Joakase, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele? 9 Yaba Joakase o orohela ho bontatae, a patwa Samaria, mme Joase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae. 10 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa Joase, morena wa Juda, Joase, mora Joakase, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng. 11 A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona; le yena a ya ka tsona. 12 Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, le matla ao a lwantshitseng Amatsia, morena wa Juda ka wona, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele? 13 Joase a orohela ho bontatae, mme Jeroboame a dula teroneng ya hae; Joase yena a patwa Samaria ho marena a Iseraele. 14 Mohla Elisha a kulang ke lefu leo a tla shwa ke lona, Joase, morena wa Iseraele, o ne a theohetse ho yena, a lla pela hae, a re: Ntate, ntate! koloi ya Iseraele le bapalami ba yona! 15 Elisha a re ho yena: Nka seqha le metsu. A nka seqha le metsu. 16 Yaba o re ho morena wa Iseraele: Koba seqha. A se koba. Elisha a ntoo bea matsoho a hae hodima matsoho a morena, 17 a re: Bula sefensetere se lebileng botjhabatsatsi. A se bula. Elisha a re: Phosa. A phosa. Elisha a re: Ke motsu oo Jehova a o lopollang ka wona, ke motsu oo namolelang ho Basiria; hobane a tla hlola Basiria Afeke, o be o ba qete. 18 A re: Nka metsu. A e nka. A boela a re ho morena wa Iseraele: Otla fatshe. A otla hararo, a ntoo ema. 19 Monna wa Modimo a mo halefela, a re: Hoja eba o otlile hahlano, leha e le hatshelela, ekabeba o hlotse Basiria, wa ba wa ba qeta; athe jwale o tla hlola Basiria hararo feela. 20 Elisha a shwa, a patwa. Selemo, dihlopha tsa Bamoabe tsa futuhela naheng ya Iseraele. 21 Eitse mohlomong, ha ho patwa mofu, ba bona ho hlaha sehlopha. Ebile ba lahlela mofu lebitleng la Elisha, mme mofu ha a thetsa masapo a Elisha, yaba o boela a phela, a tsoha, a ema ka maoto. 22 Haele Hasaele, morena wa Siria, a tshwenya Iseraele tshiung tsohle tsa Joakase. 23 Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena. 24 Hasaele, morena wa Siria, a shwa, mme Ben-Hadade, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae. 25 Joase yena, mora Joakase, a boela a hapa matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, metse e beng e hapilwe ke yena matsohong a ntatae ka ntwa. Joase a mo hlola hararo, a boela a rua metse eo ya Iseraele. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa