2 Johanne 1 - Sesotho 1909/1961 (SO)Tumediso. 1 Nna, moholo, ke ngolla mofumahadi wa mokgethwa le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng — mme hase nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebileng nnete — 2 ka baka la nnete e dutseng ho rona, mme e ya nne e be ho rona ka ho sa feleng, ke re: 3 Mohau, lereko, le kgotso, di be ho lona, le di fuwa ke Modimo Ntate le ke Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, nneteng le leratong. Lerato la boena; baruti ba thuto tse kgelohileng. 4 Ke thabile haholo ha ke fihletse bana ba bang ba hao ba tsamaya nneteng, jwalokaha re laetswe ke Ntate. 5 Mme jwale, wena mofumahadi, ke a o rapela, e seng ka ho re, ke o ngolla taelo e ntjha, empa e le eo re bileng le yona esale ho qaleng, e reng, re ratane. 6 Mme seo e leng lerato, ke hoba re tsamaye ka taelo tsa hae; mme ke ena taelo, kamoo le e utlwileng kateng, esale ho qaleng, hore le tsamaye ho yona. 7 Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng. Ya jwalo ke mothetsi le antikreste. 8 Iponeleng, hore re se ke ra timellwa ke tseo re di sebeleditseng, re mpe re fuwe moputso o tletseng. 9 Mang le mang ya kgelohang, ya sa tiisetseng thutong ya Kreste, ha a na Modimo; ya tiisetsang thutong ya Kreste, yena o na le Ntate le Mora. 10 Ekare ha e mong a etla ho lona, mme a sa tlise thuto eo, le se ke la mo amohela matlung a lona, mme le se ke la mo dumedisa! 11 Hobane ya mo dumedisang o kopana le yena ketsong tsa hae tse mpe. 12 Ke sa na le ditaba tse ngata, empa ha ke rate ho le ngolla tsona ka pampiri le ka enke; empa ke tshepile ho le etela, le ho buisana le lona ka molomo, thabo ya lona e tle e phethehe. 13 Bana ba ngwaneno wa mokgethwa ba o dumedisa. Amen! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa