2 Dikronike 36 - Sesotho 1909/1961 (SO)Joakase, Jojakime, le Jojakine, marena a Juda. 1 Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda sa nka Joakase, mora Josiase, sa mmea morena tulong tsa ntatae Jerusalema. 2 Joakase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro, ha a qala ho busa, a busa ka kgwedi tse tharo Jerusalema. 3 Morena wa Egepeta a mo tlosa boreneng Jerusalema, a tlana naha ya Juda hore e ntshe tefo ya ditalenta tse lekgolo tsa silefera le talenta e nngwe ya kgauta. 4 Morena wa Egepeta a bea Eliakime, ngwanabo Joakase, morena wa Juda le Jerusalema, mme a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime. Haele Joakase, ngwanabo, Neko a ya le yena, a mo isa Egepeta. 5 Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae. 6 Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaalela a koporo, a mo isa Babilona. 7 Nebukadnesare a isa mesebetsi e meng ya ntlo ya Jehova Babilona, mme a e bea tlung ya hae ya moreneng Babilona. 8 Haele ditaba tse ding tsa Jojakime, le manyala a entsweng ke yena, le tse fumanweng ho yena, bonang, taba tseo di ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele le a Juda. Mme Jojakine, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae. 9 Jojakine o ne a le dilemo tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi ha a qala ho busa, a busa ka kgwedi tse tharo tse nang le ditshiu tse leshome Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova. 10 Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema. Tsedekia, morena wa Juda wa ho qetella. — Nebukadnesare o timetsa Jerusalema, mme o isa ba teng kgolehong. 11 Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. 12 A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae; ha a ka a ikokobetsa pela Jeremia moporofeta eo mantswe a hae a neng a etswa molomong wa Jehova. 13 Hape, a kwenehela morena Nebukadnesare, ya neng a mo hlapantshitse ka Modimo; a satalatsa molala wa hae, mme a thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele. 14 Esita le mahosana wohle a baprista le sona setjhaba, ba nna ba ya ba atisa ditshito tsa bona ka ho ya ka manyala wohle a ditjhaba; mme ba silafatsa ntlo ya Jehova eo a neng a e halaleditse Jerusalema. 15 Jehova, Modimo wa bontata bona, a nna a romela ho bona ka manqosa a hae, a nna a a roma e sa le hosasa, hobane a ne a utlwela setjhaba sa hae le bodulo ba hae bohloko. 16 Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng. 17 Jehova a laela hore morena wa Bakalde a ba futuhela; a bolaya bahlanka ba bona ka lerumo, ka tlung ya sehalalelo sa bona, mme ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le morwetsana, kapa leqheku, kapa motho ya moriri o moputswa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona. 18 Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona. 19 Ba tjhesa ntlo ya Modimo, ba heletsa lerako la Jerusalema; ba tjhesa le matlo wohle a teng a moreneng, ba timetsa ntho tsohle tsa teng tsa bohlokwa. 20 A isa Babilona kgolehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong; ya eba bafo ba hae le ba bara ba hae ho ya fihla pusong ya mmuso wa Persia; 21 hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, ho fihlela lefatshe le phetha Disabatha tsa lona; la fela la lala ka motsotso wohle oo le ileng la etswa nahathothe ka wona, hore ho be ho phethehe dilemo tse mashome a supileng. 22 Ka selemo sa pele sa Siruse, morena wa Persia, ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia, hore mmusong wohle wa hae a tsamaise tsebiso e ngodilweng, e reng: 23 Ho itswe ke Siruse, morena wa Persia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda. Hara lona bohle, mang le mang eo e leng wa setjhaba sa hae, Jehova, Modimo wa hae, a be le yena, mme a nyolohe! |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa