Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

2 Dikronike 27 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Jothame, morena wa Juda.

1 Jothame o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema; bitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Tsadoke.

2 A etsa ho lokileng mahlong a Jehova, kahohle kamoo ho neng ho entse Osiase ntatae kateng; empa ha a ka a kena tempeleng ya Jehova; haele setjhaba, sona se ne se ntse se itshenya.

3 Ke yena ya hahileng monyako o kahodimo wa ntlo ya Jehova, hape a haha haholo marakong a leralleng.

4 A haha le metse dithabeng tsa Juda, mme merung a haha diqhobosheane le ditora.

5 A lwana le morena wa bana ba Ammone, a ba hlola. Ka selemo seo, bana ba Ammone ba mo ntshetsa lekgolo la ditalenta tsa silefera, le dikore tse dikete tse leshome tsa koro, le tse dikete tse leshome tsa harese; bana ba Ammone ba boela ba mo ntshetsa hakalo ka selemo sa bobedi le ka sa boraro.

6 Jothame a ba matla, kahobane a ne a tiisitse metsamao ya hae pela Jehova, Modimo wa hae.

7 Haele ditaba tse ding tsa Jothame, le dintwa tsohle tsa hae, le diketso tsohle tsa hae, bonang, di ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele le a Juda.

8 O ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema.

9 Yaba Jothame o orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida; mme Akase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan