2 Dikronike 16 - Sesotho 1909/1961 (SO)Asa o etsa phoso ya ho etsa selekane le morena wa Siria ho lwantsha morena wa Iseraele. 1 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa ho busa ha Asa, Baesha, morena wa Iseraele, a futuhela Juda, mme a haha Rama, hore ho tle ho se ke ha eba motho wa Asa, morena wa Juda, ya dumellwang ho tswa le ho kena. 2 Yaba Asa o ntsha silefera le kgauta bobolokelong ba ntlo ya Jehova le ba ntlo ya morena, a di romela ho Ben-Hadade, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re: 3 Selekane se teng mahareng a ka le wena, jwalokaha se ne se le teng mahareng a ntate le ntatao. Bona, ke o romela silefera le kgauta; tloo, o kgaole selekane sa hao le Baesha, morena wa Iseraele, a tle a ntlohele. 4 Ben-Hadade a mamela morena Asa, mme a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele, mme ba kena Ijone, le Dane, le Abele-Maime, le metse yohle ya mediko ya Nefthali. 5 Eitse ha Baesha a utlwa tseo, a lesela ho haha Rama, mme a tlohela mosebetsi oo wa hae. 6 Yaba morena Asa o ya le Bajuda kaofela, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona, mme ka tsona a haha Geba le Mitspe. 7 Mohlang oo, Hanani seboni a tla ho Asa, morena wa Juda, a re ho yena: Erekaha u itshetlehile ka morena wa Siria, mme o sa ka wa itshetleha ka Jehova, Modimo wa hao, ka baka leo, makgotla a morena wa Siria a o phonyohetse. 8 Ha ke re, Baethiopia le Balibia e ne e le sera se seholo se nang le makoloi le bapalami ba bangatangata? Leha ho le jwalo, kahobane o ne o itshetlehile ka Jehova, a ba neela matsohong a hao. 9 Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa. 10 Empa Asa a halefela seboni, mme a se hlahlela teronkong, kahobane a ne a se hlonametse ka baka la taba tsa sona. Hape, hona mohlang oo, Asa a tuba ba bang ba setjhaba. 11 Haele ditaba tsa Asa, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele. 12 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa ho busa ha hae, Asa a jewa ke maoto, mme bohloko boo ba hae ba befa haholo; empa le bohlokong boo, ha a ka a batla Jehova, a mpa a batla dingaka. 13 Asa a orohela ho bontatae, a shwa ka selemo sa mashome a mane a motso o mong sa ho busa ha hae. 14 A patwa lebitleng la hae, leo a neng a itjheketse lona motseng wa Davida, mme a robatswa malaong a tletseng dinoko le dibano tse mefuta e mengata tse entsweng ka mokgwa wa baetsi ba tse nkgang hamonate; a ba a tjhesetswa bongata bo boholo haholo ba tsona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa