2 Bakorinthe 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Efela re a tseba hoba mohla ntlo ena ya rona ya lefatshe, e kang motlotlwane, e senyehang, re na le leaho mahodimong le tswang ho Modimo, e leng ntlo e sa kang ya etswa ka matsoho, e sa feleng. 2 Ha re sa ntse re le motlotlwaneng wona, re hema ke ho lakatsa haholo ho apara ntlo ya rona ya lehodimo; 3 ha re fela re ka fihlelwa re apere, e seng re hlobotse. 4 Hobane rona, ba motlotlwaneng ona, re hemiswa ke ho imelwa; kahobane ha re rate ho hlobola, empa e le ho apara wa lehodimo hodima wona, se shwang se tle se monngwe ke bophelo. 5 Mme ya re bopetseng hona hoo ke Modimo, e leng wona hape o re neileng ditebeletso tsa Moya. 6 Tshepo ya rona e tiya kamehla ke hona, mme re a tseba hoba, ha re ntse re ahile mmeleng, ha re hae ho Modimo. 7 Hobane re tsamaya ka tumelo, e seng ka pono. 8 Ke re, re na le tshepo e tiyang, mme hoo re ho ratang ke ho falla mmeleng, re be hae ho Morena. 9 Ke ka baka leo re tiisang matla ho mo kgahlisa, leha re sa le tlung ena, leha re ka falla ho yona. 10 Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe. 11 Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona. 12 Hase hore re boela re ikemela pela lona, empa re le nea sebaka sa ho ithorisa ka rona; le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka tshobotsi, e seng ka pelo. 13 Hobane ha re hlanya, re hlanyetsa Modimo, mme ha re ena le ditaba, ke ka baka la lona. 14 Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele; 15 mme o shwele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya shweleng, a ba a tsoha bakeng sa bona. 16 Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo. 17 Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse. 18 Mme tsohle di tswa ho Modimo, o re boelantseng le wona ka Jesu Kreste, e leng wona hape o re neileng tshebeletso ya poelano; 19 ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano. 20 Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo! 21 Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa