1 Timothea 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)Timothea o eletswa bakeng sa baruti ba thuto tse kgelohileng, le bakeng sa mosebetsi wa hae wa boruti, le sa kamoo a tshwanetseng ho kgalemela le ho laya kateng. 1 Empa Moya o ometse hore, mehleng ya morao, ba bang ba tla kwenehela tumelo, ba kgomarele meya e thetsang le dithuto tsa batemona; 2 ka ho ya ka boikaketsi ba baruti ba bohata, bao matswalo a bona a tjhesitsweng ka tshepe; 3 ba tlang ho hana ha batho ba nyala, ba tla re, ho tshajwe dijo tseo Modimo o di bopileng hore ba dumetseng, ba tsebang nnete, ba di amohele ka teboho. 4 Hobane tsohle tse bopilweng ke Modimo di ntle, mme ha ho letho le tshwanetseng ho kgeswa ha ho jewa ka teboho; 5 hobane tsohle di halaleditswe ke lentswe la Modimo le thapelo. 6 Ha o beela baena taba tseo, o tla ba mohlanka ya molemo wa Jesu Kreste, ya otlilweng ka dipolelo tsa tumelo le ka thuto e molemo, eo o e latetseng. 7 Empa o hane ditshomo tsa bosawana, tse kang tse bolelwang ke basadi ba tsofetseng, mme o itlhakisetse borapeding. 8 Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla. 9 Taba eo ke ya nnete, mme e tshwanelwa ke kamohelo yohle. 10 Efela ke ka baka la yona re sebetsang, re lwanang; kahobane re itshepetse Modimo o phelang, oo e leng Mmoloki wa batho bohle, haholo wa ba dumetseng. 11 Laela taba tseo, mme o di rute batho. 12 Ho se ke ha eba ya nyatsang botjha ba hao; empa e be wena o etsetsang badumedi mehlala ya dipolelo, ya metsamao, ya lerato, ya tumelo, le ya hlweko. 13 O ineele ho bala, le ho kgothatsa, le ho ruta, ke be ke fihle. 14 Hape, o se ke wa lebala mpho e ho wena, eo o e filweng ka boporofeta hammoho le peo ya matsoho a baholo. 15 Hlokomela taba tseo, mme o be ho tsona; ho tswela pele ha hao ho nne ho lemohuwe ke bohle. 16 O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa