1 Timothea 2 - Sesotho 1909/1961 (SO)Ho rapellwe bohle. — Ditshwanelo tsa basadi. 1 Jwale, kgothatso ya ka ya sehlooho, ke re: Diqelo, le merapelo, le dithapello, le diteboho, di etsetswe batho bohle, 2 le marena, le bohle ba boholong, hore re tle re iphelele kgotsong le boiketlong ka borapedi bohle le ka bokgabane. 3 Hobane hoo ke ho molemo, ho kgahlehang ho Modimo, Mmoloki wa rona, 4 o ratang hoba batho bohle ba bolokehe, mme ba fihle tsebong ya nnete. 5 Hobane Modimo o mong feela, le Mmuelli mahareng a Modimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho, 6 ya ineetseng ho ba topollo ya bohle. Ke boo bopaki bo beilweng mehleng ya teng, 7 boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng. 8 Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang. 9 Basadi le bona ba apare seaparo se lokelang, ba itlhophe ka boitlhompho le ka tshabo, e seng ka moriri o forilweng, le ka kgauta, leha e le diperela, leha e le meaparo e kgabisitsweng; 10 e mpe e be ka mesebetsi e molemo, jwalokaha ho tshwanela basadi ba ipolelang hoba ba sebeletsa Modimo. 11 Mosadi a ithute a kgutsitse, ka kutlo yohle. 12 Hobane ha ke dumelle mosadi ho ruta, leha e le ho laola monna; a mpe a itulele ka ho ikgutsetsa. 13 Hobane Adama o bopilwe pele, hamorao ha bopjwa Eva; 14 mme hase Adama ya thetsitsweng, empa mosadi, hobane a thetswe, o hlahisitse tlolo. 15 Leha ho le jwalo, o tla bolokeha ha a tswala bana, ha a hlola tumelong, le leratong, le kgalalelong, a ena le tshabo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa