1 Samuele 28 - Sesotho 1909/1961 (SO)Bafilesta ba futuhela Baiseraele. — Davida o ya le bona. — Saule a ya botsa mosadi wa Ene-Dore. 1 Tshiung tseo, Bafilesta ba phutha makgotla a bona, ho ya futuha le ho lwana le Baiseraele. Akishe a re ho Davida: O tsebisise hobane o tla futuha le nna makgotleng a ka, wena le banna ba hao. 2 Davida a re ho Akishe: Kannete, o tla tseba seo mohlanka wa hao a tla se etsa. Akishe a boela a re ho Davida: Kannete, ke tla o bea ya mpolokang hlooho ka tshiu tsohle tsa ho phela ha ka. 3 Samuele o ne a se a shwele, le Baiseraele bohle ba ne ba se ba mo lletse, ba mo epetse Rama, motseng wa habo. Saule o ne a tlositse dinohe le baporofeta ba bohata naheng eo. 4 Jwale, Bafilesta ba phutheha, ba tla, ba emisa Shuneme; le Saule a mema Baiseraele bohle, mme ba tla, ba emisa Gilboa. 5 Saule, ha a bona makgotla a Bafilesta, a tshaba, le pelo ya hae ya thothomela haholo. 6 Leha Saule a ne a botsa Jehova, Jehova o ne a sa mo arabele, leha e le ka ditoro, leha e le ka Urime, leha e le ka baporofeta. 7 Ebile Saule o re ho bahlanka ba hae: Mpatleleng mosadi wa senohe, ke ye ho yena, ke mmotse. Bahlanka ba hae ba re ho yena: Bona, mosadi ya nohang o teng Ene-Dore. 8 Kahoo, Saule a ikgakanya, a apara diaparo tsa e mong, a ya le banna ba babedi. Ba tla ho mosadi bosiu, Saule a re ho yena: Ako nnohele, mme o nnyollele eo ke tla o bolella yena. 9 Mosadi a re ho yena: Bona, o a tseba kamoo Saule a entseng kateng, ha a timeditse baporofeta le dinohe fatsheng lena; ha ho le jwalo, o tjhehelang bophelo ba ka, hore ke timele? 10 Saule a mo hlapanyetsa ka Jehova, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha ho kotsi e tla o hlahela bakeng sa taba ena. 11 Mosadi a re: Ke tla o nyollela mang na? A re: Nnyollele Samuele. 12 Mosadi ha a bona Samuele, a meketsa; mme mosadi a fetola Saule, a re: O nthetseditseng na, athe ke wena Saule? 13 Morena a re ho yena: Se tshabe; o bonang? Mosadi a re ho yena: Ke bona modimo o mong o nyoloha fatshe. 14 Saule a re ho yena: O bopehile jwang? Mosadi a re: Ke motho wa leqheku ya nyolohang; hape o apere kobo. Kahoo, Saule a tseba hobane ke Samuele; ka baka leo, a inamela fatshe ka sefahleho, a kgumama. 15 Samuele a re ho Saule: O mpherekanyeditseng ka ho nnyolla na? Saule a re: Ke tsielehile haholo; Bafilesta ba mphutuhetse, mme Modimo o mphuraletse; ha o sa nkarabela, leha e le ka baporofeta, leha e le ka ditoro; ke o bitsitse ke hona, hore o ntsebise seo nka se etsang. 16 Samuele a re: O mpotsetsang, haele moo Jehova a o furaletse, a iphetotse sera ho wena? 17 Jehova o fela a entse jwalokaha a ne a bue ka nna; Jehova a hahotse mmuso matsohong a hao, o o neile wa heno, Davida. 18 Ka baka la hobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, o sa ka wa etsa ho Amaleke ka bohale ba hae bo tjhesang, ke kahoo Jehova a o etsang jwalo kajeno. 19 Hape, Jehova o tla o neela, wena le Iseraele hammoho, matsohong a Bafilesta; hosasane, wena le bara ba hao, le tla ba le nna; le diahelo tsa Baiseraele, Jehova o tla di neela Bafilesta. 20 Yaba Saule o namalla fatshe ke ho tshoha haholo ka baka la mantswe a Samuele; matla a ne a le siyo ho yena, ke hobane o ne a sa ka a ja letho tsatsi lohle le bosiu bohle. 21 Ka baka leo, mosadi a tla ho Saule; ha a bona hobane o tshohile haholo, a re ho yena: Bona, lekgabunyane la hao le mametse lentswe la hao, ke bile ke tetse bophelo ba ka, ka mamela taba tsa hao tseo o di buileng ho nna. 22 Jwale, le wena o utlwe lentswe la lekgabunyane la hao; a nke ke bee thathana ya bohobe pela hao, o je, o be le matla, ha o eya ka tsela ya hao. 23 A hana, a re: Nke ke ka ja. Bahlanka ba hae hammoho le mosadi ba mpa ba mo phehella, a ba a utlwa, a tsoha fatshe, a dula malaong. 24 Mosadi eo o ne a na le namane e nonneng hae; a phakisa a e hlaba; a nka le phofo, a e duba, a apeha ka yona bohobe bo sa lomoswang. 25 A bea tsena pela Saule le pela bahlanka ba hae, mme ba eja; ba ntoo tloha, ba ikela ka bona bosiu boo. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa