1 Samuele 21 - Sesotho 1909/1961 (SO)Davida o balehela Nobe ho moprista e moholo Akimeleke, — le Gathe ho morena Akishe, — le lehaheng la Adullame, — le Mitspe ho morena wa Moabe, — le morung wa Herethe. — Saule o bolaya Akimeleke le batho bohle ba Nobe. 1 Davida a ya Nobe, ho moprista Akimeleke; Akimeleke a tshoha, ha a teana le Davida, a re ho yena: Ho ya kang ha o le nnotshi, o se na motho le a mong? 2 Davida a re ho moprista Akimeleke: Morena o ntaetse taba, a re ho nna: Ho se ke ha tseba motho taba eo ke o romang yona, le seo ke o laetseng sona. Ke kahoo ke laetseng bahlankana ba ka baka se itseng. 3 Keng eo o nang le yona matsohong a hao? Mphe dipolokwe tse hlano, leha e le ho hong ho ka fumanwang. 4 Moprista a araba Davida, a re: Ha ke na bohobe feela; bo leng teng ke bohobe bo kgethehileng, ha ekaba bahlankana ba ipolokile basading. 5 Davida a araba moprista, a re ho yena: Kannete re timilwe basadi, e se e le ditshiu tse tharo, haesale ke tloha; le mmele ya bahlankana e hlwekile; le bohobe boo ke boo e leng bohobe feela ka mokgwa o mong, hobane kajeno ho kgethwa bo bong pitseng. 6 Yaba moprista o mo fa bohobe bo kgethehileng, etswe ho ne ho se bohobe teng, haese bohobe ba pontsha bo tlositsweng pela Jehova, hore ho bewe bohobe bo futhumetseng ha bo bong bo tloswa. 7 Tsatsing leo, e mong wa bahlanka ba Saule o ne a le teng a thibetswe pela Jehova, bitso la hae e le Doege, Moedomo, e le moholo wa badisa ba Saule. 8 Davida a re ho Akimeleke: Ana ha ho lerumo, leha e le sabole moo ho wena na? Hobane ha ke a ka ka nka sabole ya ka, leha e le dihlomo tsa ka, hobane taba ya morena e be e mphakisisa. 9 Moprista a re: Sabole e teng ya Mofilesta Goliathe, eo o mmolaileng thoteng ya Ela; bona, ke eo, e phuthilwe ka lesela kamora efoda; ha o rata ho inkela yona, e nke, hobane haese yona, ha ho e nngwe mona. Davida a re: Ha ho e kang eo, nnee yona. 10 Davida a ntoo tloha, a baleha mohlang oo ke ho tshaba Saule, a tla ho Akishe, morena wa Gathe. 11 Bahlanka ba Akishe ba re ho yena: Na eo hase Davida, morena wa lefatshe na? Na hase yena eo ba neng ba dumelana, ba hobela, ba re: Saule o bolaile dikete tsa hae, Davida yena o bolaile kete tsa hae tse mashome na? 12 Davida a nahana taba tseo pelong ya hae, a tshaba Akishe, morena wa Gathe, haholo. 13 Ha ho le jwalo, a ikgakanya pontsheng ya bona, a iketsa lehlanya hara bona, a ngola mamating a monyako, a dutlisa dinqhenqhe, tsa dutlela tedung tsa hae. 14 Ebile Akishe o re ho bahlanka ba hae: Bonang, monna enwa o a hlanya; le mo tliseditseng ho nna? 15 Kapa le re, ke hloka mahlanya, ha le tlisitse eo hore a etse ketso tsa bohlanya pela ka na? Na ya jwalo a ka kena tlung ya ka na? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa