1 Samuele 19 - Sesotho 1909/1961 (SO)Saule o leka ho bolaya Davida. — Davida o pholoswa ke mosadi wa hae, mme o balehela ho Samuele, Rama. 1 Ebile Saule o bua le Jonathane mora hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida; Jonathane, mora Saule, o ne a mpa a rata Davida haholo. 2 Ka baka leo, Jonathane a tsebisa Davida, a re: Saule ntate o pheheletse ho o bolaya; jwale o ipoloke, e be e be hosasane, mme o itulele sephiring, o ipate. 3 Haele nna, ke tla tswa ke eme mabapa le ntate tshimong eo o tla ba ho yona, ke tle ke o buelle ho ntate, mme seo ke se bonang, ke tla o tsebisa sona. 4 Ha ho le jwalo, Jonathane a bua hantle bakeng sa Davida ho Saule, ntatae, a re ho yena: Morena a se ke a sitelwa mohlanka wa hae Davida, etswe a sa ka a o sitelwa ka letho, le diketso tsa hae di o thusitse haholo. 5 O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na? 6 Saule a mamela lentswe la Jonathane; a ba a hlapanya, a re: Ka Jehova ya utlwang, ha a ka ke a bolawa. 7 Ebile Jonathane o bitsa Davida, mme Jonathane a mo tsebisa taba tseo tsohle; Jonathane a ntoo tlisa Davida, pela Saule, mme a tla, a dula pela hae jwaloka pele. 8 Ntwa ya boela ya tsoha; Davida a futuha, a lwana le Bafilesta, a ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba ba baleha pela hae. 9 Moya o mobe o tswang ho Jehova wa tlela Saule, a le hae ka tlung, a tshwere lerumo, Davida yena a ntse a letsa ka letsoho la hae. 10 Saule a leka ho bolaela Davida leboteng ka lerumo, Davida a mpa a qoba ho Saule, a hlaba lebota ka lerumo. Davida a baleha, a phonyoha bosiung boo. 11 Ebile Saule o romela manqosa tlung ya Davida, ho mo lalla, le ho mmolaya ka meso; empa mosadi wa hae, Mikale, a tsebisa Davida, a re: Ha o sa balehe bosiu, ka meso o tla bolawa. 12 Mikale a ba a theosa Davida ka fenstere. A ikela jwalo, a thoba, a phonyoha. 13 Mikale a nka terafime, a e kenya diphateng tsa Davida, a e rwesa boya ba podi hloohong, a e apesa le ka kobo. 14 Saule a romela manqosa ho tshwara Davida; Mikale a mpa a re: O bohloko. 15 Saule a boela a romela manqosa ao ho bona Davida, a re: Le ntlisetse yena ka diphateng tsa hae, a tle a bolawe. 16 Manqosa ha a kena, a bona ho le tarafime diphateng, e rwesitswe boya ba podi hloohong. 17 Saule a re ho Mikale: O nthetseditseng, ha o dumeletse sera sa ka sa baleha na? Mikale a re ho Saule: O itse ho nna: Ntese, ke ye; o re, ke o bolaeleng? 18 Davida a thoba jwalo, a phonyoha, a fihla ho Samuele Rama, a mo tsebisa tsohle tseo Saule a mo entseng tsona. Ba ntoo tloha le Samuele, ba ya dula Najothe. 19 Saule a tsebiswa, ha thwe: Bona, Davida o Najothe, haufi le Rama. 20 Saule a roma manqosa ho ya tshwara Davida; ha a bona sehlopha sa baporofeta ba porofetang, Samuele a le teng ya ba tsamaisang, moya wa Modimo wa tlela le manqosa a Saule, a ba a porofeta le wona. 21 Ha tsebiswa Saule, a ba a roma manqosa a mang; le wona a porofeta. Saule a eketsa a roma manqosa la boraro, mme le wona a porofeta. 22 Le yena Saule a tla Rama; ha a fihla sedibeng se seholo se Seku, a botsa, a re: Na Samuele le Davida ba hokae na? A bolellwa, ha thwe: Ke bane Najothe, haufi le Rama. 23 A ya teng Najothe, haufi le Rama, mme le yena a tlelwa ke moya wa Modimo, a nna a ya pele, a porofeta, a ba a fihla Najothe, haufi le Rama. 24 Le yena a hlobola diaparo tsa hae, a nna a porofeta pontsheng ho Samuele, a dula fatshe a sa apara tsatsi leo lohle le bosiu bohle, ha ba ha thwe: Ana le Saule ke e mong wa baporofeta na? |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa