1 Marena 4 - Sesotho 1909/1961 (SO)Matona a Salomone. — Boholo le botumo le bohlale ba hae. 1 Morena Salomone ya eba morena wa Baiseraele bohle. 2 Matona a hae ke ana: Asaria, mora moprista Tsadoke; 3 le Elihorefe, le Akija, bara ba Shisha, bangodi; le Josafate, mora Akilude, mmoloki wa mangolo a mmuso; 4 le Benaia, mora Jehojada, molaodi wa makgotla; le baprista Tsadoke le Abiathare; 5 le Asaria, mora Nathane, modisa wa matona a mang; le Sabude, mora moprista Nathane, sephatho sa morena; 6 le Akishare, modisa wa ntlo; le Adonirame, mora Abda, molaodi wa lekgetho. 7 Hape, Salomone a bea matona a leshome le metso e mmedi hodima Baiseraele bohle, hore a batlele morena le ntlo ya hae dijo; e nngwe le e nngwe e ne e tshwanetse ho batla dijo ka kgwedi e nngwe, ka selemo se seng le se seng. 8 Mabitso a wona ke ana: Ke Bene-Hure, thabeng ya Efraime; 9 ke Bene-Dekere, a beilwe Makatse, le Saalbime, le Bethe-Shemeshe, le Elone, le Bethe-Hanane. 10 Ke Bene-Hesede, a beilwe Arubbothe, le Soko, le naheng yohle ya Hefere. 11 Ke Bene-Abinadabe, sehlabeng sohle sa Dore; mosadi wa hae e ne e le Thafathe, moradi wa Salomone. 12 Ke Baana, mora Akilude, a beilwe Thaanake, le Megiddo, le naheng yohle ya Bethe-Sheane e haufi le Tsarthane, katlasa Jisreele, ho tswa Bethe-Sheane, ho isa Abele-Mehola, le ho feta Jokmeame. 13 Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo. 14 Ke Akinadabe, mora Iddo, Mahanaime; 15 le Akimaatse, naheng ya Nefthali; le yena o ne a nyetse Basmathe, moradi wa Salomone. 16 Ke Baana, mora Hushai, naheng ya Asere le Bealothe; 17 le Josafate, mora Parua, naheng ya Issaskare; 18 le Shimei, mora Ela, naheng ya Benjamine; 19 ke Gebere, mora Uri, naheng ya Gileade, e leng naha ya Sihone, morena wa Baamore, le ya Oge, morena wa Bashane; ho ne ho se tona e nngwe naheng eo haese yena a nnotshi. 20 Bajuda le Baiseraele ba ne ba le bangata, jwaloka lehlabathe le lebopong la lewatle, ba eja, ba enwa, ba nyakalla. 21 Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae. 22 Dijo tsa Salomone, tsa tsatsi le leng le le leng, e ne e le dikore tse mashome a mararo tsa phofo e thumisitsweng, le dikore tse mashome a tsheletseng tsa phofo e mahaila; 23 le dikgomo tse nontshitsweng tse leshome, le dikgomo tse mashome a mabedi tsa tse fulang naheng, le dinku tse lekgolo, le dikgama, le ditshephe, le matsa, le dinonyana tse nontshitsweng. 24 O ne a busa naha yohle e mose o kwano ho noka, ho tloha Thifsa, ho isa Gasa, le marena wohle a mose o kwano ho noka; e ne e le kgotso ka nqa tsohle. 25 Bajuda le Baiseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba dutse ba iketlile, e mong le e mong tlasa morara wa hae le tlasa feiye ya hae, ka matsatsi wohle a Salomone. 26 Salomone o ne a na le dijelo tse dikete tse mashome a mane tsa dipere tsa makoloi, le bakali ba kete tse leshome le metso e mmedi. 27 Matona a ne a ntse a batlela morena Salomone le bohle ba jang tafoleng ya morena Salomone dijo, e nngwe le e nngwe ka kgwedi ya yona, a sa tlohele letho le ka hlokahalang. 28 E nngwe le e nngwe ya nna ya tlisa, kamoo e tshwanetseng kateng, harese le habore ya dipere tsa makoloi le ya tse kallwang tse lebelo, moo di leng teng. 29 Modimo wa nea Salomone bohlale le kutlwisiso e kgolo haholo, le kelello e ngata, e ka ka lehlabathe le lebopong la lewatle. 30 Bohlale ba Salomone ba feta bohlale ba bana bohle ba Botjhabela, le bohlale bohle ba Egepeta. 31 A feta batho bohle ka bohlale, a feta le Ethane wa Esra, le Hemane, le Kalkole, le Darda, bara ba Mahole; mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tse kamathoko. 32 Salomone a bolela maele a kete tse tharo, difela tsa hae ya eba sekete se nang le metso e mehlano. 33 A bolela le tsa difate, ho qala ka kedare ya Lebanone, ho isa ho hisopa e melang lerakong; a bolela le tsa diphoofolo, le dinonyana, le dihahabi, le dihlapi. 34 Ha tla ba matjhaba wohle, ho tla utlwa bohlale ba Salomone, ba romilwe ke marena wohle a lefatshe, a neng a utlwe tsa bohlale ba hae. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa