1 Marena 13 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano. 2 A hoeletsa aletare ka taelo ya Jehova, a re: Wena aletare, aletare, Jehova o re: Bona, ngwana o tla tswallwa ntlo ya Davida, lebitso la hae e le Josiase; o tla hlaba hodima hao baprista ba nqalo tse diphahameng, ba tjhesang dibano hodima hao, le masapo a batho a tla tjheswa hodima hao. 3 A bea pontsho ka tsatsi leo, a re: Pontsho ke ena eo Jehova a e boletseng: Bonang aletare e tla petsoha, mme melora e hodima yona e tla tsholoha. 4 Morena Jeroboame, ha a utlwa lentswe la monna wa Modimo, kamoo a howeleditseng aletare e Bethele kateng, a kgutlisa letsoho la hae aletareng, a le otlolla, a re: Mo tshwareng. Empa letsoho la hae leo a le otlolletseng ho yena, la omella, a ba a sitwa ho le honyetsa; 5 aletare ya petsoha, melora e aletareng ya tsholoha, e le pontsho eo monna wa Modimo a neng a e beile ka taelo ya Jehova. 6 Yaba morena o bua, a re ho monna wa Modimo: Ako rapele Jehova, Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le tsebe ho honyetswa. Monna wa Modimo a rapela Jehova, mme letsoho la morena la boela la honyela, la eba jwaloka pele. 7 Yaba morena o re ho monna wa Modimo: A re ye le wena hae, o je dijonyana, mme ke o nee teboho e nngwe. 8 Monna wa Modimo a re ho morena: Leha o ka nkarolela ntlo ya hao ka lehare, nke ke ka ya le wena, leha e le ho ja bohobe le ho nwa metsi bakeng sena. 9 Hobane ke laetswe jwalo ke lentswe la Jehova, ha thwe: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi, mme o se ke wa kgutla ka tsela eo o ileng ka yona. 10 Yaba o ikela ka tsela esele, a se ke a kgutla ka tsela eo a tlileng Bethele ka yona. 11 Moporofeta e mong wa leqheku o ne a ahile Bethele; mora hae a tla, a mo phetela tsohle tse hlahileng, tseo monna wa Modimo a di entseng Bethele tsatsing leo; le mantswe ao a a boleletseng morena, bara ba hae ba a phetela ntata bona. 12 Ntata bona a re ho bona: O ile ka tsela efe? Jwale bara ba hae ba ne ba bone tsela eo monna wa Modimo, ya tswang Juda, a ileng ka yona. 13 A re ho bara ba hae: Nqhaneheleng esele eo! Ba mo qhanehela esele, a e kalla. 14 A latela monna wa Modimo, a mo fihlela a dutse tlasa sefate sa terebinthe. A re ho yena: Na ke wena monna wa Modimo, ya tswang Juda na? A re: E, ke nna. 15 A eketsa a re ho yena: Tloo le nna hae, o je bohobe. 16 Eo a re: Ke sitwa ho kgutla le wena, le ho fapohela ha hao, le ho ja bohobe, le ho nwa metsi le wena bakeng sena; 17 hobane ke boleletswe ke lentswe la Jehova, ha thwe: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi teng; hape, leha o kgutla, o se ke wa boela ka tsela eo o ileng ka yona. 18 Yaba eo o re: Le nna ke moporofeta jwaloka wena; lengeloi le mpoleletse taelo ya Jehova, la re: Mo kgutlise, a ye ha hao, a je bohobe, a nwe metsi. Athe o ne a mo thetsa. 19 Ebile moo a kgutlang le yena, a ja bohobe, a nwa metsi. 20 Ba re ba sa dutse tafoleng, lentswe la Jehova la tlela moporofeta ya mo kgutlisitseng. 21 A memetsa monna wa Modimo, ya tswang Juda, a re: Ho thwe ke Jehova: Kahobane o ikgantsheditse taelo ya Jehova, o sa ka wa boloka molao wa Jehova, Modimo wa hao, oo a o laetseng wona, 22 o kgutlile, o bile o jele bohobe, o nwele metsi bakeng sena, seo lentswe le neng le itse ho wena: O se ke wa ja bohobe, o se ke wa nwa metsi ho sona; ka baka leo, setopo sa hao se ke ke sa iswa lebitleng la bontatao. 23 Eitse hobane a je bohobe, a nwe, a qhanehela moporofeta eo a mo kgutlisitseng esele. 24 Eo a tloha, a kgahlana le tau tseleng, ya mmolaya; setopo sa hae sa namalla tseleng, esele e eme pela sona; le yona tau ya ema pela setopo. 25 Baeti ba fetang ba bona setopo se namaletse tseleng, le tau e eme pela setopo; ba ya, ba beha motseng oo moporofeta wa leqheku a ahileng ho wona. 26 Moporofeta ya neng a mo kgutlisitse tseleng, ha a utlwa, a re: Ke monna wa Modimo ya ikgantsheditseng molomo wa Jehova; Jehova o mo neetse tau; e mo harotse, e mmolaile ka lentswe le boletsweng ke Jehova. 27 A re ho bara ba hae: Nqhaneheleng esele eo. Ba mo qhanehela. 28 A ya, a fumana setopo se namaletse tseleng, esele le tau di eme pela setopo; tau e ne e sa ka ya eja setopo; e ne e sa ka ya robokela le esele. 29 Moporofeta a emisa setopo sa monna wa Modimo, a se bofa hodima esele, a ya le sona; mme moporofeta eo wa leqheku a fihla hae, a mo llela le ho mo pata. 30 A pata setopo lebitleng la hae; mme ba mo llela, ba re: Jo! ngwaneso! 31 Eitse hobane ba mo pate, a bolella bara ba hae, a re: Mohla ke shwang, le tle le mpate lebitleng leo monna wa Modimo a patilweng ho lona; le bee masapo a ka haufi le masapo a hae. 32 Hobane taba eo a howeleditseng aletare ya Bethele le matlo wohle a nqalo tse diphahameng tse metseng ya Samaria, e fela e tla hlaha ka polelo ya Jehova. 33 Leha ho le jwalo, Jeroboame ha a ka a fapoha tsela ya hae e mpe; a boela a bea baprista ba nqalo tse diphahameng hara setjhaba sohle; mang le mang ya ratang, o ne a mo kgetha hore e be moprista wa nqalo tse diphahameng. 34 Mme taba eo ya fetohela ntlo ya Jeroboame sebe, se e fedisang, se e timetsang lefatsheng. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa