Biblia Todo Logo
Bìoball air-loidhne

- Sanasan -

1 Dikronike 14 - Sesotho 1909/1961 (SO)


Dintwa tsa Davida le Bafilesta.

1 Hirame, morena wa Tire, a romela manqosa ho Davida, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa majwe, le dibetli tsa difate, ho mo hahela ntlo;

2 Davida a tseba kahoo hoba Jehova o mo tiisitse ho ba morena wa Iseraele, le hobane o phahamisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.

3 Davida a boela a nyala basadi Jerusalema, mme Davida a tswala bara le baradi.

4 Ke ana mabitso a bao a ba tswaletsweng a le Jerusalema: ke Shammua, le Shobabe, le Nathane, le Salomone;

5 le Jibhare, le Elishua, le Elfelethe;

6 le Noga, le Nefege, le Jafia;

7 le Elishama, le Beeliada, le Elifelethe.

8 Bafilesta eitse ha ba utlwa hore Davida o tlotsitswe ho ba morena wa Baiseraele bohle, Bafilesta bohle ba futuha ba batla Davida. Davida ha a utlwa, a tswa, a ya ba kgahlanyetsa.

9 Bafilesta ba ne ba fihlile, mme ba ne ba rasa kgohlong ya Barefaime.

10 Yaba Davida o botsa Jehova, a re: Na ke tla ya lwantsha Bafilesta? na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho yena: Eya, mme ke tla ba neela matsohong a hao.

11 Ba futuhela Baale-Peratsime; mme Davida a ba qhala hona teng, a re: Jehova o entse sekgeo ka nna direng tsa ka, jwalokaha metsi a etsa sekgeo lerakong. Ka baka leo, lebitso la teng la bitswa Baale-Peratsime.

12 Teng, Bafilesta ba lahla ditshwantsho tsa bona; Davida a laela, tsa ba tsa tjheswa mollong.

13 Bafilesta ba boela ba rasa kgohlong.

14 Davida a boela a botsa Modimo, mme Modimo wa re ho yena: O se ke wa ba latela; o mpe o ba kgelohe, mme o ba seeletse maloka le difate tsa monokotswai.

15 Etlare ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba lwantshe, hobane etlaba Modimo o se o o eteletse pele ho ya qhala makgotla a Bafilesta.

16 Davida a etsa jwalokaha Jehova a mo laetse, mme ba qhala makgotla a Bafilesta ho tloha Gibea ho isa Gesere.

17 Botumo ba Davida ba hasana naheng tsohle, mme Jehova a mo etsa ya tshajwang ke ditjhaba tsohle.

© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.

Bible Society of South Africa
Lean sinn:



Sanasan