1 Bakorinthe 5 - Sesotho 1909/1961 (SO)Bophelo ba kereke ya Korinthe. — Ho kgalemelwa mekgwa ya teng. 1 Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae. 2 Leha ho le jwalo, le ikgohomositse, kanthe ha le a ka la lla ka ho re, ho tloswe hara lona ya entseng ketso eo! 3 Haele nna, leha ke le siyo ka mmele, ke mpa ke le teng ho lona ka moya, ke se ke ahlotse monna ya entseng taba e jwalo, jwaloka hoja ke le teng. 4 Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile, lona le moya wa ka, ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste, 5 ke ahlotse hore monna eo a neelwe Satane, hore ho senyehe nama ya hae, moya o tle o pholohe ka letsatsi la Morena Jesu. 6 Ha le na tokelo ya ho ithorisa! Na ha le tsebe hoba tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela na? 7 A le ke le tlose ho lona ditomoso tsa kgale, le tle le be hlama e ntjha, haele moo le le ba sa lomoswang; hobane Paseka ya rona, e leng Kreste, e hlabetswe rona. 8 A re etseng mokete ke hona, e seng ka ditomoso tsa kgale, kapa ka ditomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang ditomoso, a kgabane le a nnete. 9 Ke le ngoletse lengolong la ka, hore le se ke la kopana le bafebi; 10 e seng hore le ka kgaohana ruri le bafebi ba lefatshe lena, le ba lakatsang leruo, le mashodu, le ba rapelang ditshwantsho; hobane hoja ho jwalo, e be e ka kgona le tswe lefatsheng. 11 Empa jwale, ke le ngolla hore le se ke la kopana le ya ipitsang moena, e leng mofebi, kapa ya lakatsang leruo, leha e le ya rapelang medimo, leha e le moetselletsi, kapa letahwa, kapa leshodu; ya jwalo, le ho ja, le se no ja le yena. 12 Hobane ke na le taba efe kahlolong ya ba kantle? Haele ba kahare, na ha le ba ahlole na? 13 Haele ba kantle, Modimo ke wona o tlang ho ba ahlola. Tlosang e mobe hara lona. |
© Bible Society of South Africa 1961. Used with permission. All rights reserved.
Bible Society of South Africa